Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Bolela Litaba tse Molemo “Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše”
“EVANGELI ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Jesu o bolelletse barutuoa ba hae joalo pejana ho lefu la hae. Kapele ka mor’a tsoho ea hae, o ile a tsoela pele a re: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea eohle le Samaria le ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše.” (Mattheu 24:14; Liketso 1:8, NW) Kajeno, boprofeta bona bo phethahatsoa linaheng tse fetang 200, ho akarelletsa le naha ea Peru e Amerika Boroa.
Lipaki tse fetang 32 000 li bolela litaba tse molemo naheng eo e ntle, ’me tšimo ea tsona e hlile e akarelletsa le likarolo tse ling tsa lefatše tse hōle ka ho fetisisa: lithaba tsa Andes tse telele, tse fihlelang bophahamo bo pakeng tsa limithara tse 4 000 le tse 4 500, hammoho le mofero o chesang o nōkeng ea Amazon, moo batho ba ka finyelloang feela ka liketsoana. Lekala la Peru lea tlaleha:
◻ “Sebakeng seo se moferong, re na le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba robeli ba abetsoeng ho sebelisa liketsoana tse peli tse bitsoang lanchas. Liketsoana tsena li hloka botebo ba [limithara tse 0,3] feela tsa metsi hore li phaphamale, kahoo ho ’nile ha e-ba bonolo ho atolosa ho boleloa ha litaba tse molemo libakeng tse ngata tse ncha tse linōkaneng. Ho fihlela joale, baena ba sebelisang liketsoana tsena ba tsamaisitse limakasine, libuka, le Libibele tse makholo a likete hohle Phuleng ea Amazon e Peru. Ho bontša phello e tobileng, ho theiloe liphutheho tse ’nè tse ncha, hammoho le lihlopha tse hlano tse ka thōko tse tlalehang mosebetsi le ho tšoara liboka. Ho tšepjoa hore haufinyane lihlopha tsena li tla fetoha liphutheho.”
◻ Toropo e ’ngoe e moferong e ile ea hōla ho pota setsi seo ho sona ho pompeloang oli lipeiping tse fetelang ka mose oane ho lithaba tsa Andes, tse tsamaisang oli ho tloha moferong o lithabeng tse phahameng tsa Andes ho ea hoo e ka bang bohōle ba lebōpo le ka bophirimela. Kahobane ho na le batho ba sebetsang litsing tse pompelang oli lipeiping, toropo ena e ne e na le libara tse ka bang 20 ’me e ile ea tsebahala joaloka sebaka sa ho tahoa le ho ithabisa. Leha ho le joalo, ka mor’a hore bo-pula-maliboho ba khethehileng ba fane ka bopaki bo phethahetseng moo, ba bangata ba ile ba arabela molaetseng oa ’Muso, ’me hona joale ke libara tse ’nè feela tse setseng toropong eo! Nakong ea ketelo ea morao-rao ea molebeli oa potoloho, batho ba 189 ba ile ba tla puong ea phatlalatsa. Hona joale ho na le sehlopha sa bahoeletsi ba supileng toropong eo, ’me batho ba fetang 45 ba kopanela libokeng tsohle. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, haufinyane sehlopha seo e lokela ho ba phutheho.
◻ Ho e ’ngoe ea liphutheho tse 221 motse-moholong oa Peru, Lima, monna e mong ea lilemo li 29 o bolela kamoo a fumaneng ’nete ka teng. Kaha o ne a tlohetse sekolo a le lilemo li 13, o ile a kena sehlopheng sa linokoane ’me a qala ho loana, ho sebelisa lithethefatsi, le ho kenella boitšoarong bo bobe. Ka mor’a lilemo tse peli tsa tšebeletso ea sesole e tlamang, o ile a qala ho ba le mathata a kelello. Joale, ka 1983, khaitseli e mong ea ikokobelitseng, ea sa ikhohomoseng o ile a kopana le eena tšebeletsong ea hae ea ntlo le ntlo. Ka lekhetlo la pele, o ile a utloa ka lefatše le lecha la thabo le khotso. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me ka thuso e lerato e tsoang phuthehong le ka matla a Jehova, o ile a khona ho hlōla boitšoaro ba hae bo bobe. O ile a kolobetsoa ka 1986 ’me hona joale o sebeletsa joaloka mohlanka ea sebeletsang phuthehong.
Ka ’nete, mantsoe a Jesu a hore ’Muso o tla boleloa ho isa “karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše” a phethahatsoa Peru ka liphello tse tsotehang, molemong oa ba bangata naheng eo ba lapetseng le ho nyoreloa ’nete.