Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 12/1 leq. 31
  • “Meokho ea Kananelo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Meokho ea Kananelo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 12/1 leq. 31

“Meokho ea Kananelo”

“KE LLA meokho ea kananelo, ke sa tsoa qeta ho bala sehlooho se reng ‘Kamoo ho ka Thusoang ba Tepelletseng Maikutlo Hore ba Fumane Thabo Hape.’” (Molula-Qhooa March 15, 1990, maqephe 26-30) Ke kamoo lengolo le leng le ileng la qala ka teng har’a mangolo a mangata a kananelo a amohetsoeng ke Mokhatlo ka lihlooho tsa ho tepella maikutlong tse hlahileng litokollong tsa rōna tsa March 1 le March 15, 1990. Leha ho le joalo, maikutlo ana ka ho khetheha a ne a tsoa ho khaitseli e mong Japane eo mora oa hae e monyenyane a neng a sa tsoa tšoaroa ke lefu le bitsoang schizophrenia. Oa hlalosa:

“Kaha ke tšelisa le ho khothatsa sephefumolohi se tepelletseng maikutlo letsatsi le leng le le leng, ka linako tse ling ke ikutloa ke khathetse habohloko hore nka tsoela pele ke ho etsa. Ha shoalane e tšoara, mora oa ka o tlaloa ke tšabo le ho tšoenyeha. Kahoo ke mo fa lipilisi tse robatsang ’me ke lula pel’a bethe ea hae ke ntse ke pholla matsoho a hae ’me ke behile letsoho la ka phatleng ea hae ho fihlela a khaleha. Ho tšoana feela le ho robatsa lesea, ’me ka mor’a hoo e ka bang hora, o qetella a robetse boroko bo tebileng. Ke nakong eo ka eona ke ikutloang ke imolohile, empa ka nako e tšoanang, ke ipolella hore hoseng ha letsatsi le latelang ho tla tlisa letsatsi le leng leo ke tla lokela ho feta ho lona.

“Mora oa ka o re, ‘Ha ke na thuso ho hang. Ha ke na tšepo ea letho.’ Letsatsi le leng le le leng ka masoabi oa botsa, ‘Na lefu la ka le tla phekoleha? Ke tla lokoloha neng merianeng? Bophelo ba mofuta oo bo tla tsoela pele halelele hakae?’ Ka linako tse joalo ke sebelisa lipotso ho fetola monahano oa hae joalokaha limakasine li ile tsa hlahisa, ’me sena se mo thusa hore a hlaphoheloe ka tekanyo e itseng. Empa re pheta ntho e tšoanang letsatsi le chabang le le likelang.

“Hape ho na le linako tseo ka tsona mora oa ka a bitsang baholo [ba phutheho e haufi] bosiu ka khitla ha a ikutloa a tšoenyehile haholo ebe o ba kōpa hore ba mo rapelle. Hona ho bonahala ho mo tšelisa haholo ’me ho phomotsa kelello ea hae. . . . Khafetsa, boemo ba mora oa ka boa mpefala ha monna oa ka (ea sa lumelang) a le sieo ka maeto a mosebetsi. Ha ke kōpa thuso ka thelefono, baena ba bangata ba potlakela lapeng la rōna.

“Baena, ke le leboha ho tsoa botebong ba pelo ea ka ka ho hatisa ha lōna litokollo tsa mofuta ona nako le nako ’me le bontša hore le hlokomela litlhoko tsa ba fokolang.”

[E Saenoe] H. H.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela