“Moqhaka le Bopaki”
“JOALE [moprista Jehojada] a tlisa mora oa morena a mo roesa moqhaka le Bopaki; ba ’mea morena, ba mo tlotsa.” (2 Marena 11:12) Ena ke tsela eo buka ea Marena e hlalosang ho beoa setulong se phahameng ha Morena Joase. Na u hlokometse hore ka ntle ho “moqhaka,” kapa seaparo sa borena sa hloohong, Jehojada o ile a beha le “Bopaki” holim’a morena e monyenyane. Bopaki e ne e le eng? ’Me ke hobane’ng ha e ne e le karolo ea tšebeletso ena ea ho beoa setulong se phahameng?
Lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le “Bopaki” ka mehla le lebisitse ho Melao e Leshome kapa ho Molao oa Molimo ka kakaretso. (Exoda 31:18; Pesaleme ea 78:5, Revised Standard Version) Tumellanong le sena, tlaleho e tšoanang ho 2 Likronike 23:11 e baleha tjena ho The Jerusalem Bible (1966): “Eaba Jehojada o tlisa mor’a morena, a mo roesa moqhaka, ’me a bea Molao ho eena.” Leha ho le joalo, ho 2 Marena 11:12, phetolelo ena e ngola lentsoe “lebanta le tlangoang sephakeng” bakeng sa “Bopaki,” le hoja lentsoe le tšoanang la Seheberu le hlaha litemaneng tseo ka bobeli. Hobane’ng?
Tlhaloso e tummeng ea Bibele ea Sejeremane, Herders Bibelkommentar, e hlalosa hore bafetoleli ba bang ha ba nahane hore morena o ne a ka roala Molao hloohong ea hae kapa sephakeng sa hae. Kaha, ha e hlalosa Morena Saule, 2 Samuele 1:10 e bua ka lebanta le tlangoang sephakeng (kapa, sepetja) hammoho le moqhaka oo a neng a o roetse, ba lumela hore taba e ngotsoeng ho 2 Marena 11:12 e tlameha hore ebe pele e ne e baleha e le “moqhaka le lebanta le tlangoang sephakeng.” Empa ena ke taba e inahaneloang feela. Ho ngola “lebanta le tlangoang sephakeng” sebakeng sa “Bopaki” ke ho fetoloa ho fetelletseng ha taba e ngotsoeng.
Ka baka leo The New Jerusalem Bible (1985) e khutlisetsa khopolo ea Molao, kapa selekane sa molao, e fetolela polelo e le “’me a mo neha kopi ea selekane.” Empa na Jehojada o neile Joase “Bopaki”? Ke ’nete, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “beha” le ka boela la ngoloa e le “nehile.” Empa ho Marena hammoho le ho Likronike le hlaha hanngoe feela, le lebisitse ho moqhaka hammoho le ho Bopaki. Ho feta moo, le lateloa kapele-pele ke lentsoe la Seheberu “holim’a.” Kahoo, “beha holim’a” e tlameha e be e le phetolelo e nepahetseng. Moqhaka hammoho le Bopaki li ile tsa “behoa holim’a” Morena Joase e monyenyane, joalokaha New World Translation e bontša.
Kahoo ke hobane’ng—hona ke joang—moprista e moholo a ileng a “beha” Bopaki holim’a morena e monyenyane? Nahana ka se hlokometsoeng ke setsebi sa Lejeremane Otto Thenius: “Molao, buka eo litaelo tsa molao oa Moshe li neng li tlalehiloe ho eona. Li ile tsa behoa ka tšoantšetso holim’a hlooho ea morena, ka mor’a hore a roesoe moqhaka.” (Die Bücher der Könige) Ka mokhoa o tšoanang, Moprofesa Ernst Bertheau oa lemoha: “Ho behoa ha Molao [holim’a morena] ka sebele ke ka kutloisiso ea tšoantšetso, hore morena o ne a tlamehile ho busa tumellanong le oona.”—Die Bücher der Chronik.
Molimo o laetse hore ha morena a nka setulo sa hae teroneng, o lokela ho ingolla kopi ea Molao, a ithute oona le ho o sebelisa bophelong bohle ba hae. (Deuteronoma 17:18-20) Ho beha “Bopaki” holim’a morena e mocha e ka ’na eaba e bile ketso e khutšoanyane ea tšoantšetso e hlalosang hore le hoja joale e ne e le morena, o ne a se ka holim’a Molao oa Jehova. Ka bomalimabe, ka mor’a lefu la moprista e moholo Jehojada, Joase o ile a lebala thuto ena ea bohlokoa ’me butle-butle a tlohela borapeli ba Jehova, qetellong a shoella matsohong a babolai.—2 Likronike 24:17-25.