Tsela e Rarahaneng ea ho Atamela Molimo
JESU KRESTE o itse: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” O ile a phaella ka hore: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona.”—Johanne 14:6; 16:23.
Leha ho le joalo, ka makholo a lilemo malumeli a Bokreste-’mōtoana, haholo-holo Kereke ea Roma e K’hatholike, ka lithuto tsa eona tsa mollo oa lihele, pelekatori, le Boraro-bo-bong, a ferekantse “tsela ena.” Litšoantšong Jesu o ne a sa hlahisoe e le ’muelli ea sebetsang ka boithaopo oa batho ba baetsalibe, empa o ne a hlahisoa e le lesea le sikiloeng ka matsoho kapa e le moahloli ea tšabehang, ea sekametseng ho nyatseng le ho otleng baetsalibe ho e-na le ho ba boloka. Joale, moetsalibe o ne a ka atamela Molimo joang?
Buka The Glories of Mary (1750) ea hlalosa. Ha a bapisa Jesu le letsatsi le bataolang la toka, mopapa oa lekholong la bo13 la lilemo Innocent III o ile a bolela hore: “Mang le mang ea leng lefifing la sebe, a ke a talime khoeli, a ke a rapele Maria.” Ho ile ha iqapeloa ’muelli e mong, e leng Maria, ’mè oa Jesu. Mohlomong ka baka la tšusumetso ea bommè eo ho thoeng o na le eona, mohau o ka ’na oa fumanoa ho Jesu le Molimo. Kahoo, ho ea ka mantsoe a Laurence Justinian, moruti oa lekholong la bo15 la lilemo, Maria e ile ea e-ba “leri e lebisang paradeiseng, heke ea leholimo, mokena-lipakeng oa mosali e moholo oa ’nete pakeng tsa Molimo le motho.”
Ka thoriso eohle eo a e fuoang, ka mor’a nako o ne a se a sa nkoe e le “Moroetsana Maria” feela empa e ile ea e-ba “Mofumahali ea Halalelang, ’Mè ea Mohau,” ea ileng a fetoloa ea hloekileng le ea phahameng hoo le eena a neng a se a halalela haholo hoo a ke keng a atameloa ka ho tobileng. Na ’muelli e mong a ka fumanoa? Ho thoe’ng ka ’mè oa hae?
Kaha Bibele ha e bue letho ka taba ena, karabelo e ile ea batloa sebakeng se seng. Buka eo e seng Karolo ea Bibele e bitsoang Protevangelium ea Jakobo e bolela ka pale ea Anne (kapa Anna), mosali oa Joachim, ea neng a ntse a se na ngoana ka mor’a lilemo tse ngata a le lenyalong. Qetellong, lengeloi le ile la itlhahisa ho eena ’me la phatlalatsa hore o ne a tla beleha ngoana. Ho boleloa hore ka nako e loketseng, e ile ea e-ba ’mè oa “Moroetsana Maria.”
Kahoo ho ile ha hlaha borapeli ba “Mohalaleli” Anne. Libaka tse halalelang le likereke li ile tsa hahoa ho mo hlompha. Tlhompho ea borapeli ea “Mohalaleli” Anne e ile ea ata Europe lekholong la bo14 la lilemo.
Buka The Story of the Reformation e re: “Bolumeli bo ne bo se bo fetohile bo rarahaneng hakaakang! Batho ba ne ba rapela Anna ea buellang batho ba baetsalibe ho Maria ea ba buellang ho Mora oa hae ea ba buellang ho Molimo. Eo e ne e le taba e inahaneloang e se nang motheo, empa oo e ne e le oona mofuta oa tumela-khoela eo liphefumolohi tsa batho li neng li e feptjoa.” Joale, bona ke boemo bo bong boo mantsoe a Jesu a sebetsang ka ho loketseng ho bona: “Le fetola lentsoe la Molimo lefeela ka moetlo oa lōna oo le o neeletsanang.”—Mareka 7:13, BPN.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
The Metropolitan Museum of Art, Bequest of Benjamin Altman, 1913. (14.40.633)