Nako e ne e se e Ile ho Feta Kamoo ba Neng ba Nahana ka Teng!
SELEMO e ne e le 609 B.C.E. Sebaka e le Jerusalema. Sebui e le moprofeta Jeremia. O ile a bolela esale pele ka timetso e neng e tlela motse oa habo o halalelang o ratoang, Jerusalema, timetso e neng e tla hobane Bajode ba ne ba furalletse Jehova ’me ba ikentse borapeling ba melimo ea bohata. Ba ne ba kopanela borapeling bo litšila ba botona le botšehali linģalong tse phahameng, ba etsa linyehelo tsa lino ho melimo ea bohetene, ba rapela letsatsi le khoeli le linaleli, ba chesetsa Baale libano, ’me ba etsetsa Moloke mahlabelo ka bana ba bona.—1 Marena 14:23, 24; Jeremia 6:15; 7:31; 8:2; 32:29, 34, 35; Ezekiele 8:7-17.
Mahlong a bona Jeremia e ne e le mohoeletsi oa tlokotsi, motho ea nang le cheseho ea bohlanya, ea sa khotsofalleng ntho e ’ngoe le e ’ngoe le motho e mong le e mong. Jeremia o ne a ile a ba lemosa ka lilemo tse 38: baahi ba Jerusalema ba ne ba ile ba mo soma ka lilemo tse 38. Ho fihlela nakong ena, batho ba ne ba sa tsotelle Jehova, ba bolela hore hase matla ao ba ka ikhathatsang ka ’ona. Ba re: “Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe” hape ba re, “Jehova o furaletse lefatše lena, Jehova ha a bone.”—Sofonia 1:12; Ezekiele 9:9.
Baprofeta Jeremia le Ezekiele ba ne ba ntse ba bolela ka timetso ea Jerusalema, empa ha ho letho le ileng la etsahala. Kahoo Baiseraele ba ne ba nka hore ho ke ke ha etsahala hore leha e le efe ea lipono tse joalo e phethahale nakong ea bona, ba re: “Matsatsi a ntse a eketseha, empa pono e ’ngoe le e ’ngoe ea mohlolo ea timela.” Empa karabo ea Jehova ho sena e ile ea re: “Matsatsi a ntse a atamela . . . Hobane ke ’na Jehova. Ntsoe lefe kapa lefe lee ke le buileng, ntsoe leo le tla phethahala, ha le sa tla liehisoa. Hobane ke mehleng ea lōna, lōna ba ntlo ea bahanyetsi, ke tlang ho bua lentsoe le itseng, ’me ke tla le etsahatsa.”—Ezekiele 12:22-25.
Ka 609 B.C.E., nako ea hore Jehova a phethahatse lentsoe la hae e ne e tlile. Ka mor’a hore Jeremia a phatlalatse temoso ka lilemo tse ka bang mashome a mane, motse oa Jerusalema o ile oa thibelloa ke makhotla a Babylona. Likhoeli tse 18 hamorao marako a ile a phunngoa, tempele ea chesoa, ’me batho ba bangata ba isoa kholehong Babylona. Joalokaha ho boletsoe esale pele, motse o ile oa felisoa ka lerumo le tlala le lefu la seoa.—2 Marena 25:7-17; 2 Likronike 36:17-20; Jeremia 32:36; 52:12-20.
Jeremia o ne a nepile. Batho ba ne ba fositse. Nako e ne e ile ho feta kamoo ba neng ba nahana ka teng! Pono eo e ne e se ea lilemo tse hōle. E ne e le ea mehleng ea bona.
Ena hase histori feela tjee. Se etsahalletseng Jerusalema se ne se profeta ho hong. Se ne se tšoantšetsa se seng se tlang ho tla. Bokreste-’mōtoana ba kajeno bo sebelisa lebitso la Kreste ’me bo ipolela bo le kamanong ea selekane le Molimo; leha ho le joalo bo tsamaea mehlaleng ea baahi ba Jerusalema ea boholo-holo. Hangata, likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ruta lithuto tsa bohetene, li silafalitsoe ke boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, li tšehetsa merero ea bopolotiki, li tšehetsa lintoa tsa lefatše, li amohela thuto ea ho iphetola ha lintho ’me li behella Molimo ka thōko joaloka ’Mōpi, li iphapanyetsa mahlabelo a bana ba limillione ba e-s’o tsoaloe a etsoang molemong oa boiketlo feela, ’me hangata li amohela lifilosofi tsa batho, li bolela hore Bibele ke tšōmo le khopolo-taba.
Joalokaha batho ba Jerusalema ba ile ba soma Jeremia, le Bokreste-’mōtoana bo soma Lipaki tsa Jehova kajeno. Ho lemosa ha Lipaki ka timetso e tlang ea Harmagedone ho nkoa e le ho se nang molemo. Bokreste-’mōtoana bo re: ‘Molimo ha o thahaselle lefatše. Ha o ke o buse leholimo: rōna re tla busa lefatše. ’Me haeba Harmagedone e e-tla, e ke ke ea e-ba molokong oa rōna. Re se re ile ra utloa ka tšōmo eo. Re ke ke ra tšosoa ke hoo!’
Na see e tlil’o ba ho ipheta ha histori feela? Na e sa tlil’o ba nako e ’ngoe eo ka eona ba limillione ba tla elelloa hore nako e ne e se e ile ho feta kamoo ba neng ba nahana ka teng?