“Ke Hobane’ng ha Masea a E-shoa?”
Ke seo lelapa le leng le neng le lahlehetsoe ke bana ba babeli le neng le batla ho se tseba. Monna e mong oa Willowick, Ohio, U.S.A., o ile a hlalosa:
“Morao tjena, lelapa laka le ile la hlaheloa ke tsietsi. Khaitseli oa ka oa nama o ile a lahleheloa ke bana ba hae ba babeli ba masea kotsing e tšabehang ea koloi. Ha e le hantle, lelapa lohle le ne le saretsoe. Moruti oa bona oa Baptist ha a ka a fana ka letho le tšelisang le tsoang ka Mangolong. O ile a re feela, ‘Ke thato ea Molimo’ ’me a re, ‘Molimo o ne o hloka mangeloi a mang hape a mabeli.’
“Le hoja ho ne ho e-na le nako e nyenyane haholo bakeng sa ho etsa phuputso, ke ile ka phetla buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo sehloohong sa eona se reng ‘Ke Hobane’ng ha Masea a E-shoa?’ Matsatsing le libekeng tse latelang, ’na le mosali oa ka re ’nile ra arolelana le lelapa leso likarabo tsa ’nete lipotsong tse ngata tsa lona, tse kang, ‘Ke hobane’ng ha masea a e-shoa?’ ‘Na ke thato ea Molimo ho amoha batsoali bana ba bona?’ habohlokoahali, le potso e reng, ‘Ho na le tšepo efe ea hore ba tla bona bana baa ba ratehang hape?’ Batsoali ba ka ba itse ba rata ho tla Holong ea ’Muso nakong e tlang.”
Ho Bea Mabaka ka Mangolo e na le lihlooho tse khōlō tse fetang 70. Hape ho na le lihlooho tse reng, “Lefu,” “Lihele,” “Moea,” “Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama,” “Ho Tsoaloa Hangata,” “Botona Kapa Botšehali,” “Tšebelisano le Meea e Mebe,” le tse ling tse ngata. Tšupiso ea eona ea litaba ea maqephe a supileng ea lihlooho le mangolo e ka u thusa ho fumana likarabo kapele. Hore u iphumanele kopi, ka kōpo tlatsa le ho romela setlankane sena.
Ke thabela ho fumana buka e sekoahelo se thata e maqephe a 448 e nang le litšupiso tse fumanehang habonolo ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane bakeng sa boitsebiso. Bona leqephe 2.)