Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 9/15 leq. 32
  • Na U ka Rata ho Eteloa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Rata ho Eteloa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 9/15 leq. 32

Na U ka Rata ho Eteloa?

Selemong se fetileng mosali e mong oa Corpus Christi, Texas, U.S.A., o ile a ngolla Mokhatlo oa Watchtower o Brooklyn, New York, a re: “Lebitso la ka ke Emily, ’me ke ’nile ka bala lingoliloeng tseo Lipaki tsa Jehova tse ling li mphileng tsona libeke tse ’maloa tse fetileng. Ka mor’a hore ke bale limakasine ’me ke li bapise le Bibele ea ka ea lelapa, ke ile ka bona hore Kereke ea Roma e K’hatholike ho bonahala e sa rute se ka har’a Bibele e Halalelang. Le ka mohla ha ba e-s’o bue ka lebitso la Molimo kapa ho tla ha ’Muso oa Molimo, e leng hoo ke ho fumanang e le lithuto tsa motheo Bibeleng ea ka. Ke khaolitse ho ea kerekeng ea lelapa la ka ’me ke qalile ho ithuta Bibele, ka baka la lingoliloeng tsa lōna tse tletseng ’nete.

“Ke rata ho qalisa botsoalle le phutheho e haufi ea Lipaki tsa Jehova. Ka kōpo ba romelleng molaetsa hore ba tle lapeng la ka e le hore re ka qoqa.”

E mong oa Lipaki tsa Jehova o tla rata ho u etela le ho u thusa ho eketsa tsebo ea hao ka Molimo, ’Muso oa oona, le merero ea oona, joalokaha e tlalehiloe ka Bibeleng. Hore u fumane tšebeletso ena, tlatsa feela boitsebiso bo kōpiloeng mona ka tlaase ebe u bo romela atereseng e setlankaneng.

Ke rata ho tseba ho eketsehileng ka Bibele. Ka kōpo etsang tokisetso ea hore e mong a nketele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela