Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 12/1 leq. 32
  • ‘Ba ne ba Tloaetse ho Tšeha’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ba ne ba Tloaetse ho Tšeha’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 12/1 leq. 32

‘Ba ne ba Tloaetse ho Tšeha’

Motho ea sebetsang sesoleng sa Hungary o re e seng khale haholo batho ba ne ba tloaetse ho tšeha batho ba buang ka Bibele. Empa mehla e fetohile. Haufinyane lesole lena le ile la ngolla ofisi ea Watch Tower Society e Budapest, la re:

“Matsatsing a seng makae a fetileng, ke ile ka bala buka ea lōna U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Motho e mong o ile a nkalima eona ho fihlela ke qeta ho e bala. Se ngotsoeng bukeng ena se ile sa nkama ka ho teba ’me sa etsa hore ke nahane.” Lesole lena le ne le batla Bibele le boitsebiso bo eketsehileng. Karabelo e joalo e se e tloaelehile Europe Bochabela.

Lengolo le leng le ileng la amoheloa ofising ea Budapest le re: “Ke balile buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Buka ena e ile ea nkhapa maikutlo haholo, kahoo ke le ngolla bakeng sa ho kōpa hore Paki e nketele lehaeng la ka e le hore nka ba le thuto ea Bibele ea ka mehla.”

U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ke buka e fanang ka tšepo ka ho u lebisa likarabong tsa Bibele. Ke eona e fetotseng bophelo ba batho ba bangata. Haeba u thabela ho fumana kopi, ka kōpo tlatsa u be u romele setlankana se ka tlaase mona.

Nka thabela ho amohela buka e sekoahelo se thata e maqephe a 256 U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le sebakeng sa heno ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Ka lebaka le molemo, motsoali o tla lumella ngoana eo a mo ratang hore a buuoe le hoja ho le bohloko. Molimo le oona o na le mabaka a matle a ho lumella batho hore ba utloe bohloko ka nakoana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela