Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/15 leq. 29
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Johanne o Batla ho Utloa Litaba ho Tsoa ho Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na Johanne o ne a Haelloa ke Tumelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • E ne e le Selelekela sa Messia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/15 leq. 29

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Na re lokela ho etsa qeto ea hore ho latela Mattheu 11:11 Jesu o tsebile esale pele hore Johanne Mokolobetsi o ne a tla shoa pele ho Jesu?

E, kamoo ho bonahalang ka teng Jesu o ne a tseba hore Johanne o ne a ke ke a phela ho fihlela e ka ba Mokreste ea tlotsitsoeng, hobane Jesu o ile a re: “Ke re ho lōna: Ka ’nete, har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.”—Mattheu 11:11.

Ha lengeloi Gabriele le ne le phatlalatsa tsoalo ea Johanne e tlang, le ile la bolela esale pele hore “ka moea le ka matla a Elia, . . . [Johanne o ne a tla] hlophisetsa Jehova batho ba loketseng.” Johanne o ne a lokela hore e be selelekela, a hlophisa batho bakeng sa Messia oa Jehova. Empa tsebisong eo ea bomolimo ho ne ho se letho le bontšang hore Johanne ka boeena e ne e tla ba morutuoa oa Messia ea tlang, kapa leha e le hona hore ho ne ho na le tlhahiso leha e le efe mabapi le taba eo polelong ea boprofeta ea ntate oa Johanne, Zakaria.—Luka 1:17, 67-79, NW.

Kahoo, ka mor’a ho kolobetsa Jesu, Johanne o ile a tsoela pele ho bolela le ho kolobetsa, a ntse a khomaretse kabelo ea hae ea ho hlophisa batho. Ka mohlolo Johanne o ile a tseba hore Jesu o ne a tla kolobetsa ka moea o halalelang, empa Johanne ha a ka a re eena ka boeena o ne a tla amohela moea o halalelang le ho ba Mokreste ea tlotsitsoeng. (Mattheu 3:11) Johanne o ile a boela a hlokomela hore o ne a tla tsoela pele ho nyenyefala, ha Jesu a ne a tla tsoela pele ho ba moholo.—Johanne 3:22-30.

Ha Jesu a ne a bua seo re se balang ho Mattheu 11:11, Johanne o ne a se a kentsoe teronkong. Jesu o ile a etsa hore ho tsebahale esale pele hore moprofeta enoa ea kentsoeng teronkong o ne a le tlaasana ho ea monyenyane ka ho fetisisa eo kamoso a neng a tla sebeletsa joaloka morena le moprista leholimong. Leha ho le joalo, ho bonahala hore Jesu o ne a boetse a tseba hore Johanne o ne a tla shoa kapele, a qete tsela ea hae ea lefatšeng pele tsela e “ncha” e isang bophelong ba leholimo e buloa. (Ba-Heberu 10:19, 20) Sena se ile sa bolela hore Johanne o ne a ke ke a phela ho fihlela ka Pentekonta ea 33 C.E., ha ho tlotsoa ha barutuoa ba Jesu ka moea o halalelang ho qala. Kahoo, polelo ea Jesu ho Mattheu 11:11 e ka boetse ea nkoa e le pontšo ea hore o ne a tseba hore Johanne o ne a sa tl’o ea leholimong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela