Bolumeli ba ‘Tumelo e Tenyetsehang’
“Ke ntho e hlollang hore ebe Bomormon bo khonne ho itsetsepela linaheng tsa puso ea sechaba ka sechaba e buellang liphetoho pusong le tsa puso ea bompoli.” Ke kamoo ho boletseng The Wall Street Journal ha ’muso oa Hungary o nka ka molao Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Matsatsing a Morao. Kereke e finyella see joang? Ho ea ka Journal ena, “Senotlolo hase feela keketseho e phahameng ea bana ba Mamormon kapa ho hasoa ho matla ha kosepele ea bona. Ho e-na le hoo, ke ho tenyetseha ho hahelletsoeng tumelong ea ’ona.” Joang?
Ha ho buuoa ka nako ea pele ho liphetoho tsa haufinyane tsa lipolotiki Europe Bochabela, Journal ena e itse: “A sebelisa lihlopha tsa ’mino le tantši tse tsoang Brigham Young University, Mamormon a ile a atleha ho feta khatello le ho se be le tšebelisano-’moho tseo ho tloaelehileng hore barumuoa ba tobane le tsona linaheng tse ngata tsa Bokomonisi.” Litho tsa bona li ile Romania, Czechoslovakia, Hungary, Poland, Russia, le Chaena, haesita le Saudi Arabia, Libya, Egepeta, Jordane, Somalia, le Iseraele. Ho feta moo, “moruo oa Kereke ea Mormon o ’nile oa sebelisoa e le borokho bo ba kenyang linaheng tsa Bokomonisi le Linaheng tse Hōlang Moruong.” Liphallelo tsa Mamormon li tšehetsa merero e kang ho haha matamo le ho fata liliba.
Lefatšeng la kajeno le ratang monyaka le le lapetseng chelete, ha ho makatse hore maqiti a joalo a lipina le metjeko ea thetso le ho hapa batho ka ho ba fa chelete a ipiletsa haholo. (2 Timothea 3:2, 4) Empa batho bao ruri e kang linku ba haptjoa ke lentsoe la Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. (Johanne 10:27) Ke ka hona ha a ne a laela balateli ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,” a sa kang a re ba etse sena ka mokhoa leha e le ofe kapa ka litšenyehelo leha e le life empa ka hore ba ‘ba rute ho boloka lintho tsohle tseo [a ba] laetseng tsona.’ (Mattheu 28:19, 20) Ha ho phethahatsoa thōmo ena, ha ho sebaka sa ho sekisetsa litekanyetso tsa Bibele.