Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 4/15 leq. 32
  • Bagibeone—Ba Batlile Khotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bagibeone—Ba Batlile Khotso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 4/15 leq. 32

Bagibeone—Ba Batlile Khotso

MOTSE o holim’a leralla o ka holimo o tsebahatsoa o le sebakeng seo Gibeone ea boholo-holo e neng e le ho sona, lik’hilomithara tse ka bang 10 ka leboea ho Jerusalema.

Mohlomong ua tseba hore Gibeone e ile ea hlahella haufinyane ka mora hore Joshua a etelle Iseraele pele Naheng e Tšepisitsoeng ’me a hlole Jeriko. Bakanana ba Gibeone ba ile ba hlokomela hore ba ne ba ke ke ba ema khahlanong le Iseraele eo ka ho hlakileng e neng e e-na le tšehetso ea Molimo. Ke eng seo ba neng ba ka se etsa? Bagibeone ba ile ba etsa leqheka la ho rōmela baemeli ba ileng ba iketsa baeti ba tsoang naheng e hōle. Boiteko bona ba khotso bo ile ba atleha hobane Iseraele e ile ea etsa selekane le bona. Ha leqheka la bona le se le senotsoe, Bagibeone e ile eaba ba rathang patsi le ba khang metsi.

E tlameha ebe Molimo ha oa ka oa khahlisoa ke batho bana ba neng ba batla khotso. O ile oa tšehetsa Joshua ha a ne a itšireletsa ho Bagibeone ha ba ne ba hlasetsoe ke marena a mahlano. Jehova o ile a ba a etsa mohlolo oa ho atolosa letšehare bakeng sa ntoa.—Joshua 9:3-27; 10:1-14.

Tutulung ena baepolli ba ile ba fumana mokoti o tebileng, kapa letšanyana le chekiloeng ka hara lefika le thata. Bagibeone ba ne ba ka theohela ka hare ’me ba fumana metsi kamoreng e ka tlaase. Na mohlomong e bile ‘letša la Gebione’ le boletsoeng ho 2 Samuele 2:13? Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana le likamore tse bolokang veine tse chekiloeng lefikeng le lisebelisoa tse ngata tsa ho etsa veine. E, ho bonahala hore Gibeone e ne e le setsi sa ho etsa veine.

Nakong ea Davida, tente kapa tabernakele ea Molimo oa ’nete e ne e lula mona. Morena Salomone o ile a tla mona ho tla etsa mahlabelo. Jehova o ile a itlhahisa ho Salomone torong ’me a mo tšepisa “pelo e kelello le kutloisiso,” hammoho le maruo. (1 Marena 3:4-14; 2 Likronike 1:3) Sehlooho se ho maqephe 12-17 tokollong ena se bontša hore litloholo tsa batho ba neng ba lula mona Gibeone hamorao li ile tsa fuoa tokelo e khethehileng sechabeng sa Molimo. Na ua tseba hore na joang?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Pictorial Achive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela