Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 7/15 leq. 32
  • Joaloka Maeba ha a Fofela Lirobeng tsa ’Ona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Joaloka Maeba ha a Fofela Lirobeng tsa ’Ona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 7/15 leq. 32

Joaloka Maeba ha a Fofela Lirobeng tsa ’Ona

MOHLOMONG maeba a ne a le har’a linonyana tsa pele tsa ho ruuoa ke motho. Lilemo tse likete tse fetileng, Baegepeta—ka morero oa ho ba le lijo selemo ho pota—ba ile ba etsa lirobe tsa maeba pel’a matlo a bona. Nama ea linonyana tsena e ne e ratoa haholo, ’me mantle a tsona a ne a sebelisoa e le monontša. Mehleng e Bohareng, lirobe tsa maeba e ne e le leruo le lakatsehang haholo hoo linaheng tse ling batho ba hlomphehang le baeta-pele ba bolumeli e neng e le bona feela ba neng ba lumelletsoe ho ba le tsona.

Le hoja likhoho li se li nketse maeba sebaka e le nama e jeoang, lirobe tsa boholo-holo tsa maeba li ntse li ka fumanoa. Lirobe tse tšoantšitsoeng mona li fumanoa Egepeta.

Mantsiboea ha linonyana tsena li khutla li le sehlopha li theohela lirobeng e le leru la ’nete. Moprofeta oa Moheberu Esaia o ne a bua ka sena ha a botsa: “Bao ba fofang joalo ka maru le joalo ka maeba a rurelang matlung a ’ona ke bomang?” Joalokaha phetolelo e ’ngoe e e beha: “Ke bo-mang baa ba pakaselang joaloka maru, ba fofang joaloka maeba ha a ea lirobeng?”—Esaia 60:8; The New English Bible.

Karabelo mehleng ena e ka fumanoa ho batho ba likete tse makholo ba tšabang Molimo ba phallelang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova ba ithuta ho tšepa Molimo. (Esaia 60:9) Har’a batho ba Molimo, ba fumana hore melemo ea moea, tumelo e phelang, le botsoalle bo hahang li ba neha boikutlo ba khotso le tšireletseho bo fumanoang ke leeba serobeng sa lona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Pictorial Archive (Near Eastern History)Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela