Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 8/1 leq. 25
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jobo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Monna ea Behang Mohlala ea Ileng a Amohela Khalemelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 8/1 leq. 25

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Na ho ea ka Jobo 1:8 re lokela ho utloisisa hore nakong ea ho phela ha Jobo, e ne e le eena feela motho ea tšepahalang ho Jehova?

Che. Qeto eo ha e bontšoe ho Jobo 1:8, e reng:

“Jehova a re ho Satane: Na ha ua ka ua lemoha Jobo, mohlanka oa ka, na? Hobane ha ho motho ea joalo ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” Molimo o ile oa fana ka tekanyetso e tšoanang ho Jobo 2:3, a botsa Satane: “Na u lemohile Jobo, mohlanka oa ka, na? Hobane ha ho ea joale ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.”

Buka ea Jobo ka boeona e bontša hore Jobo e ne e se eena feela motho ea neng a amoheloa a tšepahala ke Molimo. Ho tloha ho khaolo 32, re bala ka Elihu. Le hoja e ne e le mohlankana, Elihu o ile a lokisa pono ea Jobo e fosahetseng ’me a phahamisa Molimo oa ’nete.—Jobo 32:6–33:6, 31-33; 35:1–36:2.

Ka baka leo, tlhaloso ea Molimo ea hore ‘ha ho motho ea joaloka Jobo lefatšeng’ e tlameha e bolela hore Jobo o ne a hlahelletse ka ho khethehileng joaloka motho oa ho loka. Mohlomong Jobo o phetse nakong e pakeng tsa lefu la Josefa Egepeta le qalong ea tšebeletso ea Moshe joaloka moprofeta oa Molimo. Nakong eo palo e khōlō ea Baiseraele e ne e phela Egepeta. Ha ho lebaka la ho nahana hore bohle ba ne ba sa tšepahale ebile ba sa amohelehe ho Molimo; mohlomong ho ne ho na le ba bangata ba neng ba tšepa Jehova. (Exoda 2:1-10; Ba-Heberu 11:23) Leha ho le joalo, ha ho lea mong ho bona ea ileng a phetha karolo e phahameng, joaloka Josefa, leha e le hona hore barapeli bao ba ne ba hlahelletse borapeling ba ’nete, joalokaha ho ne ho tla ba joalo ka Moshe ha a etella sechaba sa Iseraele pele ho tsoa Egepeta.

Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le monna e mong oa botšepehi bo hlokomelehang ea phelang sebakeng se itseng. “Monna o ne a le teng naheng ea Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.”—Jobo 1:1.

Ka hona Jehova o ne a ka bua ka Jobo joaloka mohlala o bonahalang kapa o tsebisahalang oa tumelo le boinehelo. Ka ho tšoanang, bangoli ba Bibele Ezekiele le Jakobo ba ile ba qolla Jobo joaloka ea behang mohlala oa ho loka le mamello ha ba bua ka lintho tse fetileng.—Ezekiele 14:14; Jakobo 5:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela