Ho Tloha Sepetleleng se Tummeng Historing ho ea Holong ea ’Muso e Khethehileng
KA 1770 Lenyesemane le tummeng le hloelang naha Lieutenant James Cook le ne le tsamaea ka sekepe se senyenyane se boima ba litone tse 369 Endeavour ho pholletsa le lebopo le ka bochabela la Australia le e-s’ong ho hloeloe. Bosiung ba June 11, sekepe sena se ile sa thula mopopotlo oa mahoholi a leoatle sebakeng se ka thōko ho elella ka leboea ho naha ena. ’Mele oa sekepe o entsoeng ka sefate sa eike o ne o senyehile haholo. Ho ne ho hlokahala hore se lokisoe kapele e le hore basebetsi ba sekepe sena ba ka pholoha. Molomo oa nōka e haufinyane o ile oa ipaka ho ba sebaka se tšoanelehang hore se ka lokisetsoa ho sona, ’me se ile sa lokisoa ka libeke tse tšeletseng. Lilemo tse 103 hamorao, khauta e ile ea fumanoa sebakeng sena. Batho ba ile ba phallela sebakeng sena se nang le khauta se fumanoeng bocha ka morero oa ho fumana matlotlo! Batho ba mashome a likete ba ile ba tla sebakeng sena ka morero oa ho leka lehlohonolo la bona. Cooktown e ile ea thehoa.
Ka 1879 ’muso o ile oa lumela hore ho hahoe sepetlele se tsitsitseng se tla hlokomela batho ba kulang le ba lemetseng likotsing tsa morafo ona. Selemong sona seo, karolong e ’ngoe ea lefatše, ho ile ha hatisoa khatiso ea pele ea Zion’s Watch Tower ka July 1. Ho tloha ka nako eo, makasine ona o fane ka lenaneo le reretsoeng ho fana ka bophelo bo botle ba moea ho batho ba limillione ba tšabang Molimo. Ka nako eo ho ne ho sa tsejoe hore ka tsatsi le leng mohaho oa sepetlele sa Cooktown o ne o tla amana haufi le makasine ona.
Ka mor’a lilemo tse ka holimo ho lekholo, ho ile ha hlokahala hore Sepetlele sa Cooktown se tlosoe ho hahoe mohaho o mong bakeng sa sona. Chelete ea ’muso e ne e le teng bakeng sa mohaho o mocha, kahoo ho ile ha kōptjoa hore batho ba nang le thahasello ba tlise likōpo tsa bona tse bontšang chelete eo ba batlang hore ba e lefshoe bakeng sa ho tlosa mohaho ona oa khale. Mokhatlo o Tummeng Historing o Sireletsang Matlotlo a Kaho a Queensland o ile oa bontša thahasello e khōlō mohahong ona o tummeng historing. Leha ho le joalo, litšenyehelo tse amehang bakeng sa ho haha sepetlele sena sebakeng se seng le ho se nchafatsa li ile tsa bonahala li phahame haholo. Ha hoa ka ha amoheloa kōpo leha e le ’ngoe.
Ka nako e batlileng e tšoana le eo, phutheho e nyenyane ea Lipaki tsa Jehova e Cooktown e ne e ntse e batla sebaka seo e ka tšoarelang liboka tsa Bokreste ho sona ka mehla. Ba ne ba se na setša ’me ba na le liranta tse 1 700 feela. Ke joang ba neng ba ka haha Holo ea ’Muso? Baemeli ba phutheho ea sebaka seo ba ile ba ithaopela ho haha sepetlele sena bocha ntle ho tefo. Jehova o ne a tla tsamaisa lintho joang? Litaba tse thabisang! Kōpo ea bona e ile ea amoheloa!
Joale re fetela tabeng e latelang—setša sa ho haha. E, ba ile ba bolelloa hore ho bonahala setša sa ’muso se tla fumaneha ntle ho tefo, hafeela mohaho oo o ka lula o le makhethe o bile o nchafatsoa. Leha ho le joalo, nakong ena khanyetso e ne e ntse e hōla mabapi le morero ona karolong ea sechaba e sa rateng Lipaki. Ho ile ha etsoa kōpo e neng e lokiselitsoe ho senya merero ea Lipaki. Taba ea bo-ba-re e bolelang hore Lipaki tsa Jehova li ne li tla busa Cooktown, li koale lihotele tsohle le mehaho ea papali ea chelete, li be li hanele thekiso ea koae e ile ea tlala hohle. Ho hlakile hore le ka mohla sena ha sea ka sa etsahala, empa ho sebelisoa ha setša sena bakeng sa morero o mong le ho fumana tumello e hlokahalang bakeng sa kaho ho ile ha eketsa ho thatafala. Letsatsi la hore mohaho o tlosoe le ne le atamela ka potlako. Ho ile ha kōpuoa hore ’Muso oa Naha ea Queensland o kenelle. (Bapisa le Ba-Roma 13:2.) Tumello ea ho sebelisa setša sa ’muso e ile ea fanoa ka potlako, ’me ho ile ha fanoa ka lengolo la tumello ea ho haha. Ha setša le mohaho e se e le tsa bona, ke’ng se neng se tla latela?
Ho ile ha kena sehlopha sa Lipaki tse makholo tse nang le phihlelo ea mesebetsi ea matsoho le bathusi ba tsona ba tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa Naha ea Queensland, bao ka bolokolohi ba ileng ba ithaopela ho sebelisa nako ea bona ’me ba na le tsebo ea ho haha Liholo tsa ’Muso ka potlako. Mosebetsi ona o ile oa fana ka liphephetso tse khethehileng: ho isa likarolo tsa sepetlele sa mekato e ’meli sebakeng se secha le ho kopanya mohaho bocha. Nako ea lifefo e ne e atamela ka potlako, e etsa hore ba tšohe likhohola tse ka ’nang tsa tla. Na mosebetsi oo o ne o tla phethoa ka nako? Batho ba bang ba toropo ena ba ne ba sa kholoe. Leha ho le joalo, seo ba bang ba neng ba bona eka se ke ke sa etsahala se ile sa finyelloa kapele. Ka April 1986 mohaho ona o ile oa hahoa sebakeng se seng ’me ka mor’a moo oa boela oa tuma joaloka pele.
Mosebetsi ona kaofela o ile oa hlokomeloa, joalokaha ho bile le lipolelo tse itseng ho Anglican Newsletter ea Cooktown. Karolo ea eona e ’ngoe e ne e re: “Ha ho pelaelo hore ke tla tšoauoa liphoso, empa . . . sheba ka Kerekeng ’me o bone hore na e na le batho ba fokolang hakaakang ’me u shebe sehlopha se seng [Lipaki tsa Jehova] ’me u bone hore na ke batho ba bangata hakaakang ba eang libokeng tsa sona . . . , se tlatsoa ke batho ba kereke ea Chache le ea Roma e K’hatholike . . . Na u ne u tseba hore mokhatlo o itseng . . . [o] rekile Sepetlele sa khale bakeng sa ho haha se ka bitsoang mohaho oa kereke hobane Sekolo seo ba neng ba tšoarela liboka tsa bona ho sona se le senyenyane haholo hore ba ka fella kaofela ka har’a sona? . . . Re ile ra fokola hakaakang, ka ho lumella sena hore se etsahale.”
Bahahlauli ba likete ba etela Cooktown selemo le selemo. Ba thabela ho ba tikolohong ena ea moru o motalana oa sebaka sena seo pula e nang haholo ho sona le Mopopotlo o Moholo o Sikang le Lebopo la Leoatle le ho ithuta histori ea sebaka sena. Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa ea Captain Cook e hapa thahasello ea baeti ba bangata. Ho tloha ka 1989 Sepetlele sa Cooktown se tummeng historing karolong ea sona e ncha e le Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova le sona se khahlile bahahlaoli haholo. Mabenkele a lintho tseo e leng likhopotso a rekisa lifatuku le likipa tse nang le setšoantšo sa Holo ea ’Muso ea Sepetlele sa Cooktown. Nakong ea ho hahlaula, batho ba makholo a tšeletseng ho ea ho ba sekete ba etela mohaho ona beke e ’ngoe le e ’ngoe ho tla bona ka mahlo mohaho oa eona o ikhethang oa selemo sa 1879.
Baeti ba fumana makasine oo hona joale o tsejoang e le Molula-Qhooa habonolo. Kabo ea makasine ona e eketsehile ho fihla ho likopi tse limillione li 15 habeli ka khoeli ka lipuo tse 111 ho tloha ka 1879. O tataisetsa batho tšepisong ea Bibele ea hore batho ba bang ba moloko oa 1914 ba tla be ba ntse ba phela e le hore ba ka bona ha batho ba tsosolosetsoa bophelong bo botle ba ’mele le ba moea. (Esaia 33:24) Baithaopi ba limillione ka boikemisetso ba tla etsa lefatše lohle paradeise. (Pesaleme ea 37:29) Ke hobane’ng ha u sa etele Holo ea ’Muso e sebakeng sa heno? U tla fumana ntho ea bohlokoa haholoanyane ho feta khauta eohle e kileng ea rafshoa sebakeng sa Cooktown.—Liproverbia 16:16.