Na U Sa Hopola?
Na u ile ua ananela ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Joale he, bona haeba u ka arabela lipotso tse latelang:
▫ Ke eng eo e ka bang e ne e bontšoa esale pele ke ho ba le litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso ha Banethinime le bara ba bahlanka ba Salomone hoba ba khutle kholehong Babylona?
Kajeno, ha masala a Iseraele oa moea a lefatšeng a ntse a qepha, linku tse ling li tsoela pele ho eketseha. Ba bang ba bana ba kang linku, joaloka Banethenime le bara ba bahlanka ba Salomone, ba abeloa boikarabelo bo boholo tlas’a tataiso ea masala. (Esaia 61:5)—4/15, maqephe 16-17.
▫ Moprofeta Sofonia o ne a bolela’ng ha a re: “Ekaba [“mohlomong,” BPN] le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova”? (Sofonia 2:2, 3)
Hore mang kapa mang a tle a sireletsoe “mahlomoleng a maholo” a tlang, hase taba ea hore hang ha u pholositsoe u lula u pholositsoe. (Mattheu 24:13, 21, NW) Ho patoa letsatsing leo ho itšetlehile ka hore motho a tsoele pele ho etsa lintho tse tharo: O tlameha ho batla Jehova, a batle ho loka, a batle boikokobetso.—5/1, maqephe 15-16.
▫ Ke ka kutloisiso efe Mikaele a tlang ho “ema nakong ea bofelo”? (Daniele 12:1, 4, NW)
Ho tloha ha a hlomamisoa e le Morena ka 1914, Mikaele o ’nile a “ema” molemong oa batho ba Jehova. Empa haufinyane Mikaele o tla “ema” ka kutloisiso e khethehileng haholo—joaloka Moemeli oa Jehova ho tloseng bokhopo bohle lefatšeng le joaloka Molopolli oa batho ba Molimo.—5/1, leqephe 17.
▫ Thabo ea ’nete e itšetlehile ka eng?
Thabo ea ’nete e itšetlehile ka ho ba ha rōna le kamano ea bohlokoa le Jehova, kamohelo ea hae, le tlhohonolofatso ea hae. (Liproverbia 10:22) Ka hona, thabo ea ’nete e ke ke ea fumanoa ntle le ho bontša kutlo ho Jehova le ho ikokobeletsa thato ea hae ka nyakallo. (Luka 11:28)—5/15, maqephe 16, 19.
▫ Ha Jesu a etsa mehlolo ea hae ea ho folisa, na tumelo e ne e hlokahala ho ea folisoang?
Ho ne ho hlokahala hore ba bangata ba be le tumelo e itseng e le hore ba tle ho Jesu bakeng sa ho folisoa. (Mattheu 8:13) Leha ho le joalo, ho ne ho sa hlokahale boipolelo ba tumelo hore Jesu a etse mehlolo ea hae, joalokaha a ile a folisa monna oa sehlotsa ea neng a sa tsebe hore Jesu ke mang. (Johanne 5:5-13) Jesu o ile a ba a khutlisetsa tsebe e utloileng bohloko ea mohlanka oa moprista ea phahameng, ea neng a le har’a sehlopha sa lira tsa Jesu. (Luka 22:50, 51) Mehlolo ena e ne e etsoa ka matla a moea oa Molimo o halalelang, eseng ka baka la tumelo ea motho ea kulang.—6/1, leqephe 3.
▫ “Letlooa” leo ho buuoang ka lona setšoantšong sa Jesu se ho Mattheu 13:47-50 le emela eng?
“Letlooa” leo le emela kofuto e lefatšeng e ipolelang hore ke phutheho ea Molimo le e bokellang “litlhapi.” Le kopanyellelitse Bokreste-’mōtoana le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, ’me Bakreste bana ba ’nile ba tsoela pele ho bokella ‘litlhapi tse ntle,’ tlas’a tataiso ea mangeloi, tumellanong le Mattheu 13:49.—6/15, leqephe 20.
▫ Melao-motheo e meng eo baahloli ba Iseraele ba neng ba lokela ho e sebelisa ha ba phetha likabelo tsa bona ke efe?
Toka e lekanang bakeng sa morui le mofutsana, ho se ee ka tšobotsi ho hang, le ho se amohele tjotjo. (Levitike 19:15; Deuteronoma 16:19)—7/1, leqephe 13.
▫ Baholo ba lokela ho leka ho finyella eng ka ho mamela linyeoe tsa boahloli?
Sepheo se seng ke ho netefatsa linnete tsa taba, sena se etsoa ka lerato. Hang ha li tsejoa, baholo ba lokela ho etsa sohle se hlokahalang ho sireletsa phutheho le ho boloka litekanyetso tsa Jehova tse phahameng ka har’a eona le ho phalla ha moea oa Molimo ntle le tšitiso. Ha ho ka khoneha, ho mamela nyeoe ho boetse ho boloka moetsalibe ea leng kotsing. (Bapisa le Luka 15:8-10.)—7/1, maqephe 18-19.
▫ Ke hobane’ng ha likhopolo tse amanang le likamano tse litšila tsa botona le botšehali li le kotsi?
Ka baka la mantsoe a Jesu a ho Mattheu 5:27, 28, bohle ba tsitlellang ho kenella likhopolong tsa likamano tse litšila tsa botona le botšehali ba molato oa ho etsa bofebe ka lipelong tsa bona. Ho bile ho na le kotsi ea sebele ea hore likhopolo tse joalo li ka lihela motho boitšoarong bo bobe.—7/15, leqephe 15.
▫ Jehova a ka re thusa ka litsela life hore re talime liteko tsa rōna ka tsela e loketseng le hore re li mamelle?
Balumeli-’moho le rōna ba ka ’na ba re hlokomelisa Mangolo kapa ra a hlokomela nakong ea thuto ea Bibele. Lintho tse etsoang ka tataiso ea Molimo li ka re thusa ho bona seo re tlamehang ho se etsa. Mangeloi a ka kopanela ho re fa tataiso, kapa re ka amohela tataiso ea moea o halalelang. (Ba-Heberu 1:14)—7/15, leqephe 21.
▫ Na ka 325 C.E. Lekhotla la Nicaea le ile la theha kapa la tiisa thuto ea Boraro-bo-bong?
Che, Lekhotla la Nicaea le ile la mpa la lekanya Mora le Ntate ka hore ke ba “boleng bo le bong.” Khopolo ea hore Ntate, Mora, le moea o halalelang ka bomong ke Molimo oa ’nete—batho ba bararo ho Molimo a le mong—ha ea ka ea thehoa ke lekhotla leo kapa ke Bo-ntate ba pele ba Kereke.—8/1, leqephe 20.
▫ Na Jobo e ne e le eena feela ea neng a tšepahala ho Jehova nakong ea ho phela ha hae? (Jobo 1:8)
Che, buka ea Jobo ka boeona e supa hore Elihu o ne a amoheloa ke Molimo. Hape, nakong eo Jobo a neng a phela ka eona, ho ne ho e-na le Baiseraele ba bangata Egepeta, ’me ha ho na lebaka la ho nahana hore kaofela ha bona ba ne ba sa tšepahale ba bile ba sa amoheloe ke Molimo.—8/1, leqephe 31.