Ponahalo ea Thetsa
RALITŠOANTŠISO eo e leng letsoalloa la Ireland Richard Sheridan o itse: “Ha ho na ponahalo e tšepahalang.” Sena ke ’nete ka lifate haesita le batho.
Ka letsatsi le leng ho ea qetellong ea March selemong sa 33 C.E., Jesu Kreste o ile a bona sefate sa feiga ha eena le barutuoa ba hae ba ne ba le tseleng ba tsoa Bethania ba ea Jerusalema. Sefate seo se ne se na le mahlaku a mangata, empa ha se hlahlobeloa haufinyane ho ile ha bonahala hore ha se na tholoana leha e le ’ngoe. Kahoo Jesu o ile a re ho sona: “Ho qala joale, ho se be motho ea sa tla hlola a e-ja tholoana tsa hao le ka ho sa feleng!”—Mareka 11:12-14.
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsetsa sefate seo bomalimabe ho tloha mohlang oo, empa Mareka a hlalosa hore, “e ne e se nako ea lifeiga”? (Mareka 11:13) Koana, ha sefate sa lifeiga se hlomela mahlaku, ka tloaelo se boetse se beha le lifeiga tsa lehoetla. Ho ne ho sa tloaeleha hore sefate sa lifeiga se be le mahlaku ka nako eo ea selemo. Empa kaha se ne se se se e-na le mahlaku, ke ka ho loketseng hore ebe Jesu o ne a lebeletse ho fumana lifeiga ho sona. (Bona setšoantšo se ka holimo.) Taba ea hore sefate seo se ne se hlometse mahlaku feela e ne e bolela hore se ne se ke ke sa beha litholoana. Ponahalo ea sona e ne e thetsa. Kaha lifate tsa litholoana li ne li lefisoa lekhetho, sefate se sa beheng litholoana e ne e le mojaro o boima oa lichelete ’me se ne se hloka ho rengoa.
Jesu o ile a sebelisa sefate seo se sa beheng sa lifeiga ho tšoantšetsa thuto ea bohlokoa mabapi le tumelo. Ka letsatsi le latelang, balateli ba hae ba ne ba maketse ha ba bona hore sefate seo se ne se se se omeletse. Jesu o ile a hlalosa: “Le be le tumelo ho Molimo. . . . Se seng le se seng seo le se kōpang ka thapelo, lumelang hoba le se bone, ’me se tla ba ho lōna.” (Mareka 11:22-24) Ho phaella ho bontšeng bohlokoa ba ho rapela ka tumelo, sefate se omeletseng sa feiga se ne se tšoantšetsa se tlang ho etsahala ho sechaba se hlokang tumelo.
Likhoeli tse itseng pejana Jesu o ne a ile a bapisa sechaba sa Bajode le sefate sa feiga se sa kang sa beha litholoana ka lilemo tse tharo ’me se ne se tla rengoa haeba se lula se sa behe. (Luka 13:6-9) Ka ho bitsetsa sefate sa feiga bomalimabe matsatsi a mane feela pele ho lefu la hae, Jesu o ne a bontša kamoo sechaba sa Bajode se neng se sa ka sa beha litholoana tse tšoanelang pako ’me kahoo se neng se tšoaneloa ke ho timetsoa. Le hoja sechaba seo—joaloka sefate sane sa feiga—se ne se bonahala eka se phetse hantle, ho se shebela haufinyane ho ile ha bontša ho haelloa ke tumelo ho ileng ha fihlela tlhōrōng ka ho se amohele Messia.—Luka 3:8, 9.
Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a fana ka keletso khahlanong le “baprofeta ba bohata” ’me a re: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona. Ana morara o khōloa meutloeng, kapa a lifeiga li khōloa libajoeng na? Efela sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe. Sefate se monate se ka sitoa ho bea litholoana tse mpe, ’me sefate se sebe se ka sitoa ho bea litholoana tse monate. Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong. Ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” (Mattheu 7:15-20) Mantsoe ana a Jesu le tlaleho ea sefate se bitselitsoeng bomalimabe sa feiga ka ho hlakileng li bontša hore re hloka ho itebela moeeng, hobane ponahalo ea bolumeli le eona e ka thetsa.