Lipotso tse Tsoang ho Babali
Na Mattheu 28:17 e bolela hore baapostola ba bang ba ile ba tsoela pele ho belaela nako e telele ka mor’a hore Jesu ea tsositsoeng a itlhahise ho bona?
Che, ha rea lokela ho fihlela qeto eo ho tsoa ho Mattheu 28:16, 17, e balehang tjena: “Barutuoa ba leshome le motso o mong ba ea Galilea, thabeng eo ba e laetsoeng ke Jesu. Ha ba ’mona, ba mo khumamela; empa ba bang ba belaela.”
Jesu o ile a leka ho thusa barutuoa ba hae esale pele ho hlokomela hore “e ka khona a ee Jerusalema, a utloisoe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangoli, ’me a bolaoe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.” (Mattheu 16:21) Leha ho le joalo, kahlolo ea hae le polao ea hae li ile tsa siea barutuoa ba hae ba utloile bohloko ba bile ba ferekane. Ho bonahala eka tsoho ea hae e ile ea tla e sa lebelloa. ’Me ha a itlhahisa ho bona ka sebōpeho sa motho, pele ba bang “ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba.” (Luka 24:36-41) Leha ho le joalo, libōpeho tsa hae tsa ka morao ho tsoho li ile tsa thusa balateli ba hae ba haufi ho amohela ’nete ea tsoho ea hae; esita le moapostola Thomase o ile a kholiseha hore Jesu o ne a tsositsoe.—Johanne 20:24-29.
Ka morao ho moo baapostola ba 11 ba tšepahalang ba ile “ba ea Galilea.” (Mattheu 28:16; Johanne 21:1) Ha ba ntse ba le moo, Jesu o ile “a bonoa ka nako e le ’ngoe ke baena ba fetisang makholo a mahlano.” (1 Ba-Korinthe 15:6) Ke hona boemong bona moo Mattheu 28:17 e bolelang hore ‘ba bang ba ile ba belaela.’ Kahoo ba neng ba ntse ba e-na le lipelaelo e ka ’na eaba ba ne ba le har’a balateli bao ba 500.
Hlokomela polelo e thahasellisang eo C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, a ileng a e etsa:
“Ka ho utloahalang re ke ke ra hopola hore ba neng ba belaela ba ne ba ka ba har’a baapostola ba leshome le motso o mong, hobane ba ne ba khotsofetse ka ho felletseng, ba kholisehile ka ho felletseng, ’me ba ne ba ile ba hlalosa maikutlo a bona joalo pejana. Re nahana hore, bana ba ileng ba belaela e tlameha hore ebe e ne e le ba bang ba ‘baena ba fetang makholo a mahlano’ ba neng ba le teng sebokeng seo se neng se tšoeroe, ba neng ba sa ka ba kopana le eena pejana ka morao ho tsoho ea hae, ’me ba bang ba bao, ho loketseng hore re ka hopola hore, ba ne ba batla ba fokola tumelong ho feta baapostola le metsoalle e meng e khethehileng eo Jesu a neng a se a ile a bua le eona ka morao ho tsoho ea hae. Polelo e reng ‘ba bang ba belaela’ ke bopaki ba ho hloka leeme ha tlaleho ea Moevangeli eo. Hape, e re bontša hore balateli ba Morena ba ne ba sa lumele lintho feela feela, empa ho e-na le hoo ba ne ba na le tloaelo ea ho sefa le ho seka-seka bopaki bo fanoeng, ’me cheseho, matla le moea oa boitelo tsa ba ileng ba lumela li re fa bopaki bo lekaneng ba ho tšepahala ha litumelo tsa bona mabapi le tsoho ea Morena oa rōna, eo bona hammoho le rōna re hlokomelang hore ke lona lejoe la motheo la tumelo ea rōna ho eena. Hoja Kreste a se tsosoe tumelo ea rōna e ka be e le lefeela ’me re ka be re sa ntse re le libeng tsa rōna.—1 Ba-Kor. 15:17.”—Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, May 1, 1901, leqephe 152.
Re ka ’na ra hlokomela hanyenyane feela hore tsela eo Mattheu a amang ntlha ena ka eona e re fa bopaki ba ho tiea le ho tšepahala ha Bibele. Haeba motho a ne a iqapela taba, o ne a tla etsa hore a fane ka lintlha tse tla etsa hore pale ea hae e iqapetsoeng e utloahale e tšepahala; o ne a ka ’na a utloa hore lintlha tse setseng kapa ho bonahalang eka ke likheo ho ka ’na ha fana ka lipelaelo tlalehong eo ea hae. Ho joang ka Mattheu?
Ha aa ka a utloa a qobeletsoe ho fana ka tlhaloso e nang le lintlha tsohle ea polelo ea hae ea hore ‘ba bang ba ile ba belaela.’ Litlaleho tsa Mareka, Luka, le Johanne ha li re letho ka sena, kahoo polelo ea Mattheu ha e nkoa e le ’ngoe e ka ’na ea bonahala e ama baapostola ba 11, bao e neng e le e mong oa bona. Leha ho le joalo, Mattheu o ile a etsa tlhaloso eo e khutšoanyane a sa fane ka tlhakiso ho hang. Lilemo tse 14 hamorao, moapostola Pauluse o ile a ngola buka ea Pele ea Ba-Korinthe. Leseling la tlhaloso eo a faneng ka eona ho 1 Ba-Korinthe 15:6, re ka fihlela qeto ea hore ba ileng ba belaela e ne e se baapostola empa e ne e le balateli ba Galilea bao Jesu a neng a e-so ho hlahe ho bona. Kahoo, tlhaloso ea Mattheu ea hore “ba bang ba belaela” e utloahala e le ’nete; ka ho loketseng e utloahala joaloka mongoli ea tšepahalang a fana ka tlaleho ea ’nete a sa leke ho hlalosa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe.