Setsoha-pele
HAR’A lifate tsa litholoana tsa sebaka sa Mediterranean, sefate sa almonde ke se seng sa tse hlollang ka ho fetisisa. Bofelong ba January kapa February—nako e telele pele ho lifate tse ling tsohle—se tsoha borokong ba sona ba mariha. ’Me ke ho tsoha ho hlollang hakaakang! Sefate sohle se apara kobo e ntle ea lithung-thung tse pinki kapa tse tšoeu, ’mala o mosoeu o batla o tšoana le moriri o moputsoa oa maqheku.—Bapisa le Moeklesia 12:5.
Baheberu ba boholo-holo ba ne ba bitsa sefate sa almonde “setsoha,” ha ba bua ka ho thunya ha sona ha kapele. Tšobotsi ena e ile ea sebelisoa ke Jehova ho tšoantšetsa molaetsa oa bohlokoa. Qalong ea tšebeletso ea hae, Jeremia o ile a bontšoa ka pono thung-thung ea almonde. E ne e bolela’ng? Jehova o ile a hlalosa: “Ke falimehela lentsoe la ka ho le etsahatsa.”—Jeremia 1:12.
Joalokaha sefate sa almonde se ‘tsoha’ pele, le Jehova ka tšoantšetso o ne a ’nile a “tsoha e sa le hosasa-sasa” ho romela baprofeta ba hae ho hlokomelisa batho ba hae ka liphello tsa ho se utloe. (Jeremia 7:25) ’Me o ne a ke ke a phomola—o ne a tla lula a ‘falimehile’—ho fihlela lentsoe la hae la boprofeta le phethahatsoa. Kahoo ke ka 607 B.C.E., ka nako e loketseng, ha kahlolo ea Jehova e oela sechaba sa bakoenehi sa Juda.
Lentsoe la Molimo le bolela esale pele hore kahlolo e tšoanang e tla oela tsamaiso ena e khopo eo re phelang ho eona. (Pesaleme ea 37:9, 10; 2 Petrose 3:10-13) Moprofeta Habakuke ha a bua ka ketso e joalo ea boahloli, oa re tiisetsa: “Hobane tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, . . . u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.” (Habakuke 2:3) Thung-thung e ntle ea almonde e re hopotsa hore Jehova o tla lula a falimehile mabapi le lentsoe la hae e le hore le phethahatsoe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.