Na ke Lere la Tšepe la Kharenate le Tsoang Ntlong ea Jehova?
BAEPOLLI ba lintho tsa khale Iseraele ba sibolotse mare a mangata a tšepe, mare a nkoang ke batho ba boholong. (Genese 49:10; Esthere 8:4; Ezekiele 19:14) Mare a mang a tšepe a fumanoeng Lachish a ne a e-na le hlooho ea sebōpeho sa kharenate. Batho ba Molimo ba ne ba tseba tholoana ena hantle.—Deuteronoma 8:8; Sefela sa Lifela 4:13.
Kharenate ea lenaka la tlou e boemong ba ho thunya, e ka ho le letšehali, hase khale e sibolotsoe. E bophahamo ba limilimithara tse 43, ’me lesoba le botlaaseng ba eona le fana ka maikutlo a hore e ne e le karolo ea lere la tšepe. Hlokomela litlhaku tse ngotsoeng ka mokhoa oa Seheberu sa boholo-holo tseo ho boleloang hore li ngotsoe lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.
Karolo ea lenaka la tlou e ile ea robeha khale mehleng ea boholo-holo, kahoo litlhaku tse seng kae ha li eo kapa ke karolo e itseng feela e teng. Leha ho le joalo, litsebi tsa mongolo oa boholo-holo li fana ka tlhahiso ea tsosoloso e ngotsoeng ka tlaase. (E theiloe ho Biblical Archaeologist) Ho siea sebaka se sa tloaelehang pakeng tsa litlhaku ho entse hore e baloe ka mekhoa e ’meli ea sehlooho. Setsebi sa Lefora André Lemaire se li bala tjena “Ke la Tem[pele ea Moren]a [Yahweh], lea halalela ho Baprista.” Nahman Avigad o ile a etsa tlhahiso “Monehelo o halalelang ho baprista ba (ka) Tlung ea Yahweh.”
Bona hammoho le litsebi tse ling ba ile ba etsa qeto ea hore pele lere leo la tšepe le ne le e-na le litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo la botho—Jehova. Kahoo le ne le ka hlahisa “ntlo ea Jehova,” e leng polelo e tloaelehileng ka Bibeleng.—Exoda 23:19, NW; 1 Marena 8:10, 11.
Ba bangata ba ntse ba na le boikutlo ba hore e ka ’na eaba hlooho ena ea lere la tšepe e ne e le ea moprista oa tempele e ahiloeng ke Salomone kapa e ne e entsoe monehelo tempeleng eo. Ka ho thahasellisang, sebōpeho sa kharenate se ne se bonoa hangata tempeleng ea Molimo.—Exoda 28:31-35; 1 Marena 7:15-20.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Israel Museum, Jerusalem