Qoba Moea oa Boikakaso!
Maele a bohlale a Bibele a re: “Ea etsang hore monyako oa hae e be o phahameng o batla ho oela.” (Liproverbia 17:19, NW) Ke eng e fosahetseng ka monyako o phahameng? ’Me ntlha ea sehlooho ea maele aa ke efe?
MEHLENG ea boholo-holo motho ea tsamaeang a le mong le lihlopha tse tsamaeang li tlatlapa thepa ka lipere e ne e le ntho e tloaelehileng. Ho ne ho le bobebe hore mahae a sa sireletsoang a metseng e ka thōko a hlaseloe ke masholu. Beng ba matlo ba bang ba ne ba aha lebota le nang le heke e khethehileng, bakeng sa ho thibela ho utsuoa ha thepa ea bona. Lebota le ne le phahama, empa monyako o e-ba tlaase. Ha e le hantle, e meng e ne e sa fete mithara o le mong ka bophahamo—o le tlaase hoo pere le mopalami oa eona ba ke keng ba kena. Ba neng ba sa theolele monyako o kenang mabaleng a bona tlaase ba ne ba ipeha kotsing ea hore banna ba palameng lipere ba kene ba nke thepa ea bona.
Menyako e kenang mabaleng a metse ka tloaelo e ne e le tlaase ’me e sa shebahale, e sa fane ka letšoao la leruo leo e ka bang le teng ka hare ho sebaka se potolohiloeng ke lebota. Leha ho le joalo, heke e phahameng e ne e le le leng la matšoao a borena Persia, e leng hoo litho tse ling li ileng tsa leka ho ho etsisa ’me tsa ipeha kotsing e khōlō. Mang le mang ea neng a etsa heke e phahameng bakeng sa ntlo ea hae o ne a mema masholu ka lebaka la ho bontša ho atleha ha hae.
Kahoo Liproverbia 17:19 e bontša hore ba etsang menyako ea bona hore e phahame ba mema tšenyo ka ho ipeha ka holimo ho seo ba hlileng ba leng sona. Maele ana a ka boela a hlalosa molomo e le monyako o phahamisitsoeng ke moqoqo o ithorisang le o mabifi. Moqoqo o joalo o mema tlhōlisano ’me qetellong o ka lebisa motho ea ikhantšang tšenyehong. Kahoo, ke ho bohlale hakaakang ho qoba moea oa boikakaso!
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Picturesque Palestine, Sinai and Egypt, Volume 1, by Colonel Wilson (1881)