Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 7/15 leq. 32
  • “Pontšo e Tsoang Leholimong”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Pontšo e Tsoang Leholimong”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 7/15 leq. 32

“Pontšo e Tsoang Leholimong”

THOTHOKISO ea khale ea boemo ba leholimo e re: “Leholimo le lefubelu bosiu, ke thabo ho basesisi ba likepe, leholimo le lefubelu hoseng ke temoso ho basesisi ba likepe.” Kajeno, li-satellite, lithuto tsa mocheso le mohatsela tse ntlafalitsoeng ka thuso ea computer, Doppler radar, le lisebelisoa tse ling tsa saense li sebelisetsoa ho lepa boemo ba leholimo. ’Me hangata bolepi ba kajeno bo lumellana le thothokiso e sa tsoa qotsoa.

Ka nako e ’ngoe lira tsa Jesu Kreste tsa bolumeli li ile tsa batla hore a li etsetse “pontšo e tsoang leholimong,” e leng sesupo se sa tloaelehang sa hore a ipakahatse hore ke Messia. O ile a re: “Ha ho se ho phirimile, le ee le re: Le tla sa, hobane leholimo le le lefubelu. Ka meso le re: Kajeno le tla luma, hobane leholimo le bofubelu bo botšo. Baikaketsi, ha le tseba ho lemoha tšobotsi ea leholimo hantle, le sitoa ke’ng ho lemoha lipontšo tsa mehla ena na? Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla pontšo, o mpa o ke ke oa neoa pontšo, ha e se pontšo ea moprofeta Jonase.”—Mattheu 16:1-4.

Lira tsa Jesu li ne li ka lepa boemo ba leholimo empa li ne li sa khone ho utloisisa litaba tsa moea. Ka mohlala, ho thoe’ng ka “pontšo ea Jonase”? Ka mor’a ho qeta matsatsi a ka bang mararo ka mpeng ea tlhapi e khōlō, moprofeta oa Molimo Jonase o ile a bolela Ninive ’me kahoo ea e-ba pontšo motse-moholong oo oa Assyria. Moloko oa mehleng ea Jesu o bile le “pontšo ea Jonase” ha Kreste a qeta likarolo tsa matsatsi a mararo ka lebitleng ’me a bile a tsosoa. Barutuoa ba hae ba ile ba bolela bopaki ba ketsahalo eo, kahoo Jesu e ne e le pontšo molokong oo.—Mattheu 12:39-41.

Lekhetlong le leng, barutuoa ba Jesu ba ile ba kōpa pontšo e mabapi le “ho ba teng” nakong e tlang a le matleng a ’Muso. Ha a ba araba o ile a fana ka pontšo e entsoeng ka litšobotsi tse ngata, ho akarelletsa lintoa tseo ho seng tse ka bapisoang le tsona, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, litlala, le ho bolela lefatšeng ka bophara ka ’Muso oa Molimo oa leholimo o hlomiloeng.—Mattheu 24:3-14.

Na u hlokomela pontšo ea ho ba teng ha Kreste e le Morena ea sa bonahaleng oa leholimo? Litšobotsi tsa eona lia phethahala molokong ona. (Mattheu 24:34) Joale tsa nakong e tlang ke life? Hase feela hore Bibele e senola hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo haufi empa e boetse e profeta ka letsatsi le lecha le tšepisitsoeng la Molimo leo haufinyane le tlang ho chaba le hlakile ’me le khanyetse moloko oa batho.—2 Petrose 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela