Na e Ile ea Metsa Jonase?
BIBELE e re bolella hore Jonase, moprofeta oa Jehova oa lekholong la borobong la lilemo B.C.E., ha a baleha kabelo ea hae, o ile a palama sekepe. Nakong ea leeto le sefefo leoatleng la Mediterranean, sehlopha sa basebetsi ba sekepe se ile sa mo lihela ka ntle ho sekepe. “Eaba Jehova o romela hlapi e kholo ho metsa Jonase, Jonase a ba a lula mpeng ea hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.”—Jonase 1:3-17.
Ba bang ba re, ‘Ha ho kamoo hoo ho ka etsahalang! Ha ho sebōpuoa ka leoatleng se neng se ka metsa motho.’ Empa ebang ke sperm whale kapa great white shark e ne e ka ho etsa. National Geographic (December 1992) e fane ka monyetla o mong hape—whale shark. Shark e khōlō ka ho fetisisa ho tse tsejoang, e ka hōla ho fihlela e le bolelele ba limithara tse 20 le boima ba litone tse 70.
“Kaheho e sa tloaelehang bakeng sa mokhoa oa ho thuisa oa whale shark e butse monyetla oa hore e ka kenyelletsoa lipaleng tsa Jonase. Ho bonolo hore u ka nahana u ipona u kolumela u ne u sa ikemisetsa ka molomong oa whale shark, e leng o moholohali . . . Esita le ka lehanong le mohohlo la whale shark e seng e hōlile le hoja e se ka ho feletseng ho ne ho ka fella batho ba bakaalo ka Jonase ba babeli.”
Whale shark e iphepa ka liphoofotsoana tse nyenyane ka ho fetisisa le limela tsa metsing le likhetla tsa leoatle, tse “lelemelang ho theosa ’metso ho ea fihla lesobeng le leholo le sarolohang moo ’metso o kopanang le mpa teng.” Leha ho le joalo, ke joang motho a neng a ka tsoela ka ntle? National Geographic e re: “Li-shark li na le tsela e seng mabifi ea ho ntša lintho tse khōlō tseo li li metsitseng tseo e ka ’nang eaba ha lia thuiseha hantle . . . Shark e ka ntša lintho tse ka mpeng ho eona butle-butle ka ho hlanola mpa le ho li sutuletsa ka hanong. . . . Ka hona u ne u ka monyoha ho tsoela ka ntle u aparetsoe ke phate e pete-pete, u le boreletsana empa mohlomong u ithutile ho hong phihlelong eo.”
Kajeno li-whale shark ha li eo leoatleng la Mediterranean, le hoja li ’nile tsa fumanoa ho elella holimo ka Leboea ho isa moo Motse oa New York o leng teng. Na li ne li le teng leoatleng la Mediterranean mehleng ea Jonase? Ke mang ea ka nepisisang hantle? Bibele ha e qaqise hantle hore na ke sebōpuoa sa mofuta ofe sa leoatle seo Jehova a ileng a se sebelisa, empa Jesu o ile a tiisa tlaleho ea Jonase e le ’nete.—Mattheu 12:39, 40.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Norbert Wu/Peter Arnold Inc.