Na Litšelo tsa Mali li Nkoa e le tsa Bohlokoa Haholo?
Litšelo tsa mali li tloaelehile phekolong ea meriana ea kajeno, empa na li molemo joalokaha li bolelisoa? U nahana joang?
Ho The American Journal of Medicine (February 1993), Dr. Craig S. Kitchens o ile a botsa: “Na Litšelo tsa Mali li nkoa e le tsa Bohlokoa Haholo?” O ile a bontša hore hangata lingaka li shebisisa ka hloko hore na phekolo e tlisa kotsi e fetang molemo oo e ka o tlisang. Ho thoe’ng ka litšelo tsa mali?
Kitchens o ile a hlahlobisisa bopaki ba morao-rao ba likotsi tse ngata tse amanang le litšelo tsa mali, tse joaloka lefu la sebete, ho lematsa mokhoa oa ’mele oa ho itšireletsa mafung, ho hlōleha ha tšebetso ea litho tsa ’mele, ho se amohele ha ’mele setho sa motho e mong. Phuputso e ’ngoe ha e akaretsa “mathata a mangata” a litšelo tsa mali “e ile ea etsa qeto ea hore ketsahalo ka ’ngoe ea ho tšeloa mali e na le monyetla oa karolelano ea 20% oa hore ho etsahale lintho tse kotsi, tse ling tsa tsona li nyenyane empa tse ling li kotsi li sa bonahale,” esita le ho bolaea.
Leha ho le joalo, na melemo eo ho nahanoang hore e teng e lokela ho lokafatsa likotsi tse joalo?
Dr. Kitchens o ile a hlahlobisisa liphuputso tse 16 tse tlalehiloeng tse amanang le makhetlo a 1 404 a tšebetso ea ho buoa Lipaki tsa Jehova, tse hanang litšelo tsa mali hobane li utloa taelo ea Bibele ea ‘ho tela mali.’—Liketso 15:28, 29.
Liphello? “Qeto ea mokuli oa Paki ea Jehova ea ho tela litšelo tsa mali bakeng sa tšebetso e khōlō ea ho buuoa ho bonahala e eketsa kakaretso ea ba shoang kotsing ea tšebetso ea ho buuoa ka karolo ea 0,5 ho isa ho 1,5%. Ho sa hlakang hantle ke hore na ebe ke ho kula le ho shoa ho hokae ho qojoang ka mokhoa ona oa ho se tšele mali, empa mohlomong ho feta likotsi tsa ho hana ho tšela mali.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ntlha ea hae ke efe? Kotsi leha e le efe e ka bang teng phekolong ea meriana moo ho hanoang litšelo tsa mali mohlomong e fokola ho feta likotsi tse amehang ha ho amoheloa litšelo tsa mali.
Joale, potso ea Kitchens e utloahalang ke hore: “Haeba ka sebele ho se tšele Lipaki tsa Jehova mali ho fella ka ho fokotsa ho kula le ho shoa hakaalo ’me ho qoba litšenyehelo tse ngata le ho kula ho sa khaotseng, na ha hoa lokela hore ho fokotsoe litšelo tsa mali ho bakuli?”
Ba hanang litšelo tsa mali motheong oa bopaki bo joalo ba tla be ba boela ba nka bohato tumellanong le litaelo tse tsoang ho ’Mōpi oa rōna.