Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 11/1 leq. 32
  • Nako ea Kotulo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako ea Kotulo!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 11/1 leq. 32

Nako ea Kotulo!

KE HOBANE’NG ha histori ea “Bokreste” e fapane hakaale le Kreste? Batho ba bangata ba nahanang ba botsa potso ena, empa Jesu o e arabetse hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 000 a sebelisa setšoantšo. O boletse ka “motho ea jalileng peō e ntle tšimong ea hae.” Joale “ea mo hloileng a tla, ’me a jala mofoka har’a koro.” Ha peō e se e hlahile, bahlanka ba hlokomela mofoka ’me ba batla ho o fothola. Empa monna eo o ile a re: “Li leseng tse peli, li hōle hammoho, ho be ho fihle kotulo.” Nakong ea kotulo, koro e ne e tla aroloa ho mofoka.—Mattheu 13:24-30.

Jesu, ha a hlalosa setšoantšo, o itse ke eena ea jalileng “peō e ntle”—Bakreste ba ’nete. Sera e ne e le Satane, ea ileng a jalella “mofoka”—a hasa Bakreste bao eseng ba ’nete phuthehong. Jesu o ile a lumella Bakreste ba bohata le ba ’nete ho ba ’moho—empa feela ho fihlela kotulo. Joale ba ne ba tla aroloa.—Mattheu 24:36-44.

Kahoo, ha re makale ha re ithuta hore ho theosa le makholo a lilemo mekhatlo ea “Bokreste” e ’nile ea hlompholla Molimo ka ho amohela lithuto tsa bohetene, ho lumella boitšoaro bo bobe, ho tšehetsa lintoa, le ho tsamaisa makhotla a sehlōhō a otlang bakhelohi. Mona re hlokomela peō e mpe e jetsoeng ke Satane. Leha ho le joalo, ha re bala ka batho ka bomong ba mekhatlong e joalo ba ileng ba hlokofatsoa ka ho kenngoa litekoronkong kapa ka lefu ho e-na le ho sekisetsa melao-motheo ea Bibele, re bona hore peō e ntle ha ea ka ea felisoa.

Jesu o ile a re kotulo e ne e le “bofelo ba lefatše.” Kaha re phela bofelong ba tsamaiso ea lintho ea lefatše lena la hona joale, ena e tlamehile ho ba nako ea kotulo! Joale ho aroloa ho tlameha ho etsahetse pakeng tsa Bakreste ba ’nete le ba bohata. Kajeno, ho tlameha ho ba le batho, eseng feela batho ka bomong ba qhalakaneng, ba tšoanelang tlhaloso ea Jesu ea Bakreste ba ’nete—bao e leng bafo ba ’Muso oa Molimo ’me ba bolela litaba tse molemo ka oona, ba buellang boitšoaro bo thehiloeng Bibeleng ’me ba hana ho amohela lithuto tsa bohetene ka lebaka la ho rata ’nete ea Bibele, ba tsebahatsang lebitso la Molimo ’me e se karolo ea lefatše.—Mattheu 6:33; 24:14; Johanne 3:20; 8:32; 17:6, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela