Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/1 leq. 32
  • “Ho Feta Motse o Qhobosheane”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Feta Motse o Qhobosheane”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/1 leq. 32

“Ho Feta Motse o Qhobosheane”

“HA RE sheba lipalo tsa hona joale, bana ba U.S. ba etsang hoo e ka bang 40% ba tla bona ho qhalana ha manyalo a batsoali ba bona pele ba fihla lilemong tse 18.” (Science, June 7, 1991) Ke lipalo tse tšosang hakaakang! Ke hobane’ng ha see se etsahala?

Moahloli oa linyeoe tsa malapa Edward M. Ginsburg, puisanong le The Boston Globe, o ile a fana ka maikutlo a hae. O itse: “Re mokhatlo oa batho ba baithati. Re batlela ‘’na.’ Rea botsa, ‘Ke tla fumana eng ho see hona joale?’ Re batla ho khotsofatsoa kapele.”

Boithati bo joalo bo bontšang ho se hōle bo tlisa mathata le liphapang lenyalong. Moahloli Ginsburg o bolela hore ha banyalani qetellong ba fihla lekhotleng la molao bakeng sa tlhalo, monna le mosali ba batla se tla ba tlosa qoso. Ba batla hore motho e mong a ba bolelle hore ba nepile le hore molekane oa bona o fositse. Ba batla hore e mong a re: “U hlōtse ntoa.”

Mantsoe a hae a re hopotsa maele a bululetsoeng: “Ngoan’abo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse o qhobosheane.” (Liproverbia 18:19) E, ha ho hlaha khohlano lenyalong, batho ba loantšanang ba ka fetoha ba sa nahaneng le ba thata. Hangata, ka manganga ba hana ho sekisetsa, joaloka “motse o qhobosheane” nakong ea tlhaselo.

Na lintho li tlameha ho ba ka tsela ee? Che, ho na le se ka etsoang. Manyalo e ba a matla le a tšoarellang ha batho ba babeli, ho tloha qalong feela, ba utloa mantsoe a moapostola Pauluse: “Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joalo ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.” (Ba-Efese 4:32) Na ho bonolo ho hlaolela litšoaneleho tse joalo? Eseng ka linako tsohle. Empa tlhalo eona e bonolo hakae? Mathata a maikutlo le a lichelete a bakoang ke manyalo a qhalaneng a bohloko hakae? ’Me ho thoe’ng ka bana, bao hangata ba jarang matetetso a tlhalo ea batsoali ba bona ho kena bophelong ba ha ba se ba hōlile?

Ho molemo ka ho fetisisa hore batho ba babeli ba sebeletse ho boloka lenyalo ’me ba se ke ba ba thata e mong ho e mong, joaloka “motse o qhobosheane.” Keletso ea Pauluse ho Bakreste e sebetsa haholo-holo ho banyalani: “Le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.”—Ba-Kolosse 3:14.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela