Ho ea Leholimong Kapa Liheleng?
“HO NA le menyetla efe ea hore u ee leholimong kapa liheleng?”
Ha e le hantle, eo ke potso e ileng ea botsoa Maamerika phuputsong ea haufinyane tjena. Setsi sa Phuputso ea Bolumeli sa Princeton se ile sa hatisa liphello ho Religion in America 1992-1993.
U ne u tla arabela joang? Ho na le menyetla efe ea hore molekane oa hao kapa baratuoa ba hao ba bang ba ee leholimong ha ba e-shoa? Na u nahana hore ho ka etsahala hore uena, kapa mohlomong bona, ba tla qetella ba ile liheleng?
Phuputso e bontšitse hore karolo ea 78 lekholong e ne e nahana hore menyetla ea ho ea leholimong ke e babatsehang, ho feta kamoo lenane le ileng la arabela kateng lilemong tse ka bang 40 tse fetileng. Lihele? Hoo e ka bang karolo ea 77 lekholong e boletse hore menyetla ea ho ea teng e ne e fokola haholo.
Na likarabo tsa bona li ne li theiloe tsebong e nepahetseng ea Bibele? Ha e le hantle, batho ba bane ho ba leshome ba lumetse hore ba bile teng litšebeletsong tsa bolumeli ka mokhoa o fokolang haholo ho feta kamoo ba neng ba etsa kateng lilemong tse hlano tse fetileng. Ke feela karolo ea 28 lekholong e boletseng hore e kopanela lihlopheng tsa ho ithuta Bibele ’me karolo ea 27 lekholong e boletse hore e nka karolo litlelaseng tsa thuto ea bolumeli.
Haeba u ithuta Bibele ka hloko, u tla fumana linnete tse makatsang. Ka mohlala, ka ho tobileng Bibele e bolela hore lefung Jesu o ile a ea “liheleng,” joalokaha liphetolelo tse ling tsa Bibele li beha taba. (Liketso 2:31, King James Version; “Hades,” New World Translation) Lentsoe la Molimo le boetse le tiisa hore Morena Davida kapa Johanne Mokolobetsi ha baa ea leholimong ha ba e-shoa. (Mattheu 11:11; Liketso 2:29) Tseo ke linnete eseng likhopolo feela tsa batho tse tsoang phuputsong ea bolumeli.
Linnete tse ka ’nang tsa u ama: Bibele e ruta hore baapostola ba Jesu le lenane le lekanyelitsoeng la batho ba bang le tla nkeloa leholimong ho ea busa le Jesu. Leha ho le joalo, boholo ba batho bo shoeleng bo ile lebitleng le tloaelehileng la batho. Molimo o tla ba tsosa, a ba khutlisetse bophelong lefatšeng ka tebello ea bophelo bo feletseng, bo thabileng le bo sa feleng paradeiseng ea lefatše e tsosolositsoeng.
Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho tiisa linnete tsena tsa motheo tse tšepahalang Bibeleng ea hao bakeng sa tšepo e joalo.