Bosiu bo Lokelang ho Hopoloa
A LETSATSI le leng le sa lebaleheng lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng, Jehova Molimo o ile a re Baiseraele ba entsoeng makhoba Egepeta ba bolaee konyana ’me ba fafatse mali a eona likoseneng tsa mamati le lifensetereng tsa matlo a bona. Hona bosiung boo, lengeloi la Molimo le ile la feta holim’a matlo a tšoailoeng ka tsela ena empa la bolaea bara ba matsibolo malapeng ’ohle a Baegepeta. Joale Baiseraele ba ile ba lokolloa. Ho tloha ka nako eo, boikhopotsong ba ketsahalo eo, Bajuda ba ’nile ba keteka Paseka.
Hang ka mor’a hore Jesu Kreste a qete ho keteka Paseka ea hae ea ho qetela le baapostola ba hae, o ile a theha sejo se neng se tla hopotsa ka lefu la hae la sehlabelo. O ile a neha baapostola ba hae ba tšepahalang bohobe ’me a re: “Nkang, le je. Hona ho bolela ’mele oa ka.” Joale a ba neha senoelo sa veine ’me a re: “Noelang ho sona, kaofela ha lōna; hobane hona ho bolela ‘mali a ka a selekane,’ a lokelang ho tšolleloa ka ntle molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.” Jesu o ile a boela a re: “Tsoelang pele le etsa sena ho nkhopola.” (Mattheu 26:26-28; Luka 22:19, 20, NW) Kahoo Jesu o laetse balateli ba hae ho tšoara mokete ona oa lefu la hae.
Lipaki tsa Jehova li u mema ka mofuthu ho kopanela le tsona moketeng ona oa Sehopotso sa lefu la Jesu. U ka ba teng Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng. Ikopanye le Lipaki tse sebakeng sa heno bakeng sa nako e tobileng le sebaka. Letsatsi la mokete ka 1994 ke Moqebelo, March 26, ’me bohobe le veine li tla fetisoa ka mor’a shoalane.