Li Hatisitsoe ka Nako e le ’Ngoe ka Lilemo tse Leshome!
HA A ne a botsoa hore na o ile a ikutloa joang ha khatiso ea Sepanishe ea Molula-Qhooa e qala ho hatisoa ka nako e le ’ngoe le ea Senyesemane lilemo tse leshome tse fetileng, khaitseli e mong ea ratehang ea buang Sepanishe o ile a arabela: ‘Re utloa e le tlhohonolofatso hobane joale, rea tšoana le Senyesemane. Ha ke re Senyesemane, ka linako tsohle ke nahana ka mokhatlo o hlophisitsoeng. Re bua ka mokhatlo ona o hlophisitsoeng e le “’Mè oa rōna.” Re ikutloa re atamelane haholo. Ke ntho e ntle. E-ea babatseha!’
Khaitseli enoa ea tšepahalang o ile a bontša maikutlo a ba bangata ba sa baleng Senyesemane. Lilemong tse fetileng, lihlooho li ne li hlaha khatisong ea Sepanishe ea Molula-Qhooa likhoeli tse tšeletseng ka morao ho tsa Senyesemane. Lipuo tse ling le tsona li ne li lieha ka ho tšoanang. Ka ho utloahalang, ho ne ho e-na le takatso e matla ea ho hatisa boitsebiso bo tšoanang, ka nako e tšoanang, ka lipuo tse ngata.
Kahoo, ho qala ka tokollo ea April 1, 1984, khatiso ea Sepanishe e ile ea e-ba eona ea pele e hatisoang ka nako e le ’ngoe le khatiso ea Senyesemane. Hang-hang lipuo tse ling li ile tsa latela. Qalong ea 1985, likhatiso tsa lipuo tse 23 li ne li hatisoa ka nako e le ’ngoe. Kaha bafetoleli ba ile ba fumaneloa bolulo le ho koetlisoa, likhatiso tse eketsehileng li ile tsa bapa le Senyesemane.
Tokollo ena ea Molula-Qhooa e tšoaea selemo sa leshome sa litokollo tse hatisoang ka nako e le ’ngoe. Hona joale Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 116, tseo tse 85 ho tsona li hatisoang ka nako e le ’ngoe. Sena se bolela hore karolo ea 99,3 lekholong ea kakaretso ea likopi tse 16 100 000 tsa Molula-Qhooa li tsoa li tšoana ka sekoahelo le ka lihlooho. Ho ba kopanelang Thutong ea Molula-Qhooa beke le beke, ke ba etsang karolo e ka holimo ho 95 lekholong e hlahlobang boitsebiso bo tšoanang ka nako e le ’ngoe.
Tsoha!, makasine o tsamaeang le Molula-Qhooa, e hatisoa ka lipuo tse 37 ka nako e le ’ngoe ho tse 74 tsa eona. Yearbook of Jehovah’s Witnesses ea selemo le selemo e hatisoa ka lipuo tse 18. Litokollo tse joalo tse hatisoang ka nako e le ’ngoe li sebeletsa ho kopanya batho ba Molimo “boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—1 Ba-Korinthe 1:10.