Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 4/15 maq. 3-4
  • Na Tataiso ea Motho e Hlōlehile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tataiso ea Motho e Hlōlehile?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • U ka Fumana Tataiso e Tšepahalang Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Boiteko ba ho Felisa Bofutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 4/15 maq. 3-4

Na Tataiso ea Motho e Hlōlehile?

KE MANG ea entseng lintho tsohle? Haeba karabo ea hao ke “Molimo,” joale u lumellana le ba limilione ba lumelang ho Molimo oa Bibele, ’Mōpi.

Leha ho le joalo, ba bangata ba lumelang ho Molimo ba thatafalloa ho lumela hore o amehile ka ho teba ho rarolleng mathata a moloko oa batho. Na hoa utloahala ho nahana hore Molimo o hlophisitse lenaneo le tla tlisetsa moloko oa batho phomolo? Ba bangata ha ba fumane bopaki bo utloahalang ba hore ho joalo.

Ka lilemo tse likete, batho ba ile ba leka mekhoa e mengata ea ho ithusa e le ha ba batla tharollo, ba behella Molimo ka thōko. Empa na batho ba fumana tharollo? Kapa mathata a ntse a teba haholoanyane ’me ho ba thata ho a rarolla? Motho o sebetsana le mathata a potlakileng joang lefatšeng kajeno?

Setsebi se seng se e beha ka tsela ena: “Haesale ho e-ba le Phetohelo ea Indasteri, linaha tse tsoetseng pele moruong li ’nile tsa senya mehloli ea lefatše ea tlhaho ka mekhoa e ke keng ea lokisoa ea ho hlahisa le ho sebelisa lintho, ba baka kotsi tikolohong ea lefatše lohle, e leng ho behang linaha tse ntseng li tsoela pele moruong mathateng.”

Motho o tsoela pele ho senya lefatše. Koranta ea Argentina Clarín e itse: “Halofong ea bobeli ea lekholo lena la lilemo, meharo ea moruo, ho se be hlokolosi, le ho se tsotelle ho bakile likoluoa tse khōlō tse sa kang tsa bolaea batho feela empa hape li sentseng tikoloho, hangata ho isa tekanyong e ke keng ea lekanngoa.”

Bofutsana bo feletseng joale ho bonahala e le tšobotsi e sa feleng sechabeng sa kajeno. Esita le linaheng tseo ho thoeng li ruile tsa lefatše li hula ka thata ka lebaka la moroalo o imelang oa bofutsana. Ho latela The Globe and Mail ea Toronto, Canada, ho hakanngoa hore “motho a le mong ho ba bararo ba Canada o tla futsaneha lilemong tsa ha a ntse a khona ho sebetsa.” Koranta ena e phaella ka ho re “ho qhalana ha malapa ke le leng la mabaka a ka sehloohong a bofutsana, ’me mokhoa ona o jele setsi lilemong tsa morao tjena.”

Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ke letšoao le leng la hore boemo ba mokhatlo oa batho bo ntse bo theoha. Moloko oa batho o ka etsa eng ka see? Ho hlakile hore o ka etsa ho fokolang. Ba limilione ba ntse ba tsoela pele ho latsoa ho fokola ’meleng, kelellong, le boitšoarong e le phello e tobileng ea ho sebelisa ha bona lithethefatsi hampe. ’Me bothata bo kekela joaloka hlaha.

Ho bonahala bo-rasaense ba hlōloa ke ntoa khahlanong le mafu. Ke ’nete, hore theknoloji ea kajeno e hlōtse lintoa tse ngata. Leha ho le joalo, litšebetso tse ling tsa saense ka botsona li tlatselitse ho hlaheng ha likokoana-hloko tse ncha tse kotsi tse bakang mafu a sa phekoloeng ke lithethefatsi.

Mebuso ea batho e ke ke ea thibela ho hatakeloa ha litokelo tsa botho ho atileng. Ka mohlala, ho sa tsotellehe litumellano tse ngata le melao e etselitsoeng ho thibela bokhoba, ho hakanngoa hore ho pota lefatše ho na le batho ba fetang limilione tse lekholo ba tlamehileng ho sebetsa tlas’a maemo a tšoanang le bokhoba bo nyahamisang ka ho feletseng.

Empa ke hobane’ng ha tataiso ea motho e hlōlehile? Hlahloba lintlha tsena. Tataiso ea batho e tsoa ho batho—batho ba nang le mefokolo e tebileng. Phihlelo ea bona bophelong e khutšoaane ’me hangata e lekanyetsoa ke mekhoa e itseng ea bophelo le tikoloho. Le tsebo ea bona e lekanyelitsoe. Tataiso leha e le efe eo ba fanang ka eona e bonahatsa mefokolo eo. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, “bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.”—Ba-Roma 3:23.

Ha e le hantle boholo ba mathata le maima tseo batho ba bangata ba fetang tlas’a tsona ke phello e tobileng kapa e sa tobang ea ho hlokomoloha tataiso ea Molimo. Leha ho le joalo, ke hokae moo ho ka fumanoang tataiso e joalo? Molimo o re tataisa joang kajeno? Sehlooho se latelang se tla tšohla likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela