Litaba tse Molemo tse Tsoang Malawi!
E BILE ho thabisang haholo ho utloa hore ka November 15, 1993, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e ile ea ngolisoa ka molao naheng ea Malawi e ka boroa-bochabela ho Afrika. Sena se tla etsa hore Lipaki tsa Jehova li amoheloe ka molao le ho ba le tokoloho ea ho bolela linnete tsa Bibele ho batho ba Malawi.
Morao koo ka 1948, ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ile ea hlongoa Malawi ho hokahanya mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova naheng eo. Ka January 8, 1957, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa ngolisoa moo ka lekhetlo la pele. Ka lilemo tse ’maloa Lipaki tsa Jehova li ile tsa thabela khōlo e potlakileng. Empa tlhoriso e mabifi e ile ea qhoma ka 1964. Hobane’ng?
Ka lebaka la ho utloa Molimo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa boloka ho se nke lehlakore lipolotiking li sa sekisetse. (Johanne 17:16) Ho totobetse hore ba bang ha baa ka ba utloisisa boemo bona ba Mangolo hantle ’me ba etselletsa Lipaki ka ho bolela hore ke bolumeli bo feteletseng bo thibetsoeng ka molao. Ka hona, ba bang ba ile ba ikutloa ba loketse ho hlorisa Bakreste bana ba ratang khotso. Lipaki tse ngata li ile tsa lelekoa mesebetsing ea tsona, tsa shapuoa le ho tlontlolloa ka litsela tse ling. Tse ling li ile tsa qobelloa ho arohanngoa le bana ba tsona.
Ka 1972 Lipaki tse fetang 30 000 le ba bang ba neng ba ithuta Bibele le tsona ba ile ba tlameha ho tloha naheng eo ka ho tšaba ho lahleheloa ke bophelo ba bona. Ba likete ba ile ba lula likampong tsa baphaphathehi naheng ea boahelani ea Mozambique. Empa ka 1975 baphaphathehi bana ba ile ba khutlisetsoa Malawi, moo ba ileng ba tlameha ho tobana le tlhoriso e tsoelang pele. Ba bangata ba ile ba behoa likampong tsa mahloriso. Har’a mofere-fere ona, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlakoloa lethathamong la mekhatlo e amoheloang ka molao Malawi. Ho tloha ka nako eo Lipaki tsa Jehova le mekhatlo ea tsona ea molao li ’nile tsa e-ba tlas’a thibelo naheng eo.
Ho sa tsotellehe liphetoho tsena tsohle, Lipaki ha lia ka tsa iphetetsa. Le ka mohla ha lia ka tsa etsa lihlopha tsa mahoo-hoo kapa tsa etsa morusu ka ho ipelaetsa khahlanong le ’muso. Ho e-na le hoo, ka thapelo li ile tsa boloka tlamo ea tsona ea Bokreste ea ho bontša tlhompho le tšabo e loketseng ho “balaoli ba phahameng” ba ’muso. (Ba-Roma 13:1-7, NW; 1 Timothea 2:1, 2) Hape Lipaki li ile tsa tšoarella litekanyetsong tse phahameng tsa bophelo ba Bokreste tse leng ka Bibeleng, ’me ka hona li behile mohlala o babatsehang boitšoarong.
Ka tokoloho ea tsona eo li e fumaneng bocha, Lipaki tsa Jehova Malawi li ikemiselitse ho tsoela pele li bolela linnete tsa Bibele ka potlako, ‘nakong e tšoanelehang.’—2 Timothea 4:2.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
M. G. Henschel le lelapa la Bethele la Malawi ka bo-1960