Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Thahasella Bolumeli?
NAHENG e ’ngoe le e ’ngoe holim’a lefatše, ho na le thahasello bolumeling. Ka lehlakoreng le leng, ho boetse ho na le ba bangata ba bolelang pepenene hore ha ba thahaselle bolumeli. Empa na ba ’nile ba ikutloa ka tsela eo?
Sebōpeho sa motho se ka tsela eo motho a hlileng a sa khotsofalleng lintho tsa nama feela. Batho ba hloka lintho tsa moea. Ho ba teng letsatsi le leng le le leng ha lintho tse likolohang feela litlhokong tsa nama, ho ba le boikhathollo ka linako tse ling, ha ho khotsofatse ka botlalo litlhoko tsa motho tse ka hare. Ho fapana le liphoofolo, batho ba rata ho tseba, ‘Morero oa bophelo ke ofe?’ ‘Bophelo bona bo bokhutšoaane, bo akarelletsang boholo ba lintho tse ntle empa hape le boholo ba lintho tse mpe, na ke bona phetho bo teng?’ Na ha u e-s’o botse lipotso tse kang tsee?
Empa, limilione tse ngata tsa batho ba phelang kajeno li hōletse tikolohong eo e neng e sa khothaletse thahasello leha e le efe e molemo bolumeling. Tšusumetso eo e ka ’na eaba e ne e tsoa ho batsoali ba bona, matichere, lithaka, kapa esita le ’musong.
Skalabrino, mohlankana e mong ea tsoang Albania, o ile a hlalosa hore tlas’a puso ea Bokomonisi batho ba ne ba rutoa hore ha ho na Molimo. Ho feta moo, ho ne ho le kotsi ho bona hore ba bue ka bolumeli; ho etsa joalo ho ne ho ka lebisa teronkong. Empa, ka 1991, ha a le Switzerland e le mophaphathehi, o ile a fuoa monyetla oa ho ithuta Bibele. O ile a o amohela. Hobane’ng?
Ha a le Albania o ne a ile a utloela hore ho na le buka e bitsoang Bibele, empa o ne a hlile a sa tsebe letho ka eona. Kahoo, qalong mohlomong e ne e se hakaalo takatso ea ho utloisisa Bibele e ileng ea mo susumetsa. Le hoja a ile a bolelloa hore o ne a tla ithuta ka morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho le lefatše, o boetse a ho bona e le monyetla oa ho ntlafatsa ho sebelisa ha hae puo ea sebaka seo. Leha ho le joalo, kapele o ile a fumana hore seo a neng a ithuta sona se ne se khotsofatsa taba-tabelo e matla e tebileng ea moea ka lehlakoreng la hae. Pelo ea hae e ile ea thabisoa ke tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha moo khotso e tlang ho rena teng, lefatše leo ho lona batho ba neng ba ka phela ka ho sa feleng le ho thabela ka bongata lintho tsohle tse hlokahalang bakeng sa bophelo. Thahasello ea hae e ile ea totisoa ke ha a ithuta hore eena le lelapa la hae e ka ba karolo ea lefatše lena le lecha. A sitoa ho ipolokela litaba tsena tse molemo, o ile a founela lelapa la hae Albania ho li arolelana le bona.
Aleksei, ea lulang Russia, le eena o ile a makatsoa ke phello eo tsebo e nepahetseng ea Bibele e ka bang le eona bophelong ba motho. A aparetsoe ke mathata ’me a sa khone ho fumana tlhaloso e khotsofatsang ea morero oa bophelo, o ile a rera ho ipolaea. Leha ho le joalo, pele o ile a ea Finland ho ea etela motsoalle. Ha a le tseleng ka terene, o ile a bua le baeti-’moho le eena ka mathata a hae. Har’a bona ho ne ho e-na le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ea ileng a mo khothaletsa ho ithuta Bibele hobane e fana ka tharollo mathateng a joalo. O ne a belaela. Ha a le leetong a khutla, a ba le phihlelo e tšoanang. Lekhetlong lena e ne e le Paki e ’ngoe e neng e bua ’me e mo bolella hore e ne e atisa ho ba le mathata a mofuta o joalo empa hore Bibele e ile ea e thusa ho a hlōla. Le eona ea mo khothaletsa ho ithuta Bibele. Ha a fihla hae, thelefono e ile ea lla. E ne e le motsoalle e mong, ea neng a ithuta le Lipaki ’me a thabile haholo. Monna enoa o ile a qala ho hlokomela hore mohlomong Bibele e hlile e ka fana ka seo a se hlokang, empa o ne a tseba hore kantle ho thuso o ne a ke ke a e utloisisa. O ile a lumela ho ba le thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla le Lipaki tsa Jehova, ’me a qala ho ea libokeng tsa tsona. Ha hoa mo nka nako e telele ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bōpang bophelo ba bona ho likoloha seo Bibele e se rutang ba thabile hakana, le hoja le bona ba tobana le mathata a tloaelehileng ho moloko oa batho.
A e-na le temoho ka tsela eo motho a bōpehileng ka eona, Jesu Kreste o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.” (Mattheu 4:4, The New English Bible) O boetse a re: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko.” (Mattheu 5:3, NW) Thabo ea bona e ba teng kahobane ka cheseho ba ela hloko tlhoko ea bona, ba nka mehato e loketseng ho e khotsofatsa, ’me ba latsoa tlhohonolofatso ea Molimo. Leha ho le joalo, tlhoko ea rōna ea moea ha e khotsofatsoe feela ka ho ba setho sa kereke e itseng kapa ka ho ba teng litšebeletsong tse ling tsa bolumeli. Bolumeli boo haholo-holo e leng ba neano bo ka ’na ba ipiletsa maikutlong, empa na bo fana ka tharollo ea sebele mathateng a bophelo? Esita leha bolumeli bo ka buella mekhoa e itseng ea motheo e utloahalang, haeba bo hlōleha ho fana ka kutloisiso ea ’nete ka morero oa sebele oa bophelo, na bo tla khotsofatsa tlhoko ea hao ea moea? Hoa bohlokoa le ho feta, na ho sebelisa bolumeli bo joalo ho lebisa kamanong e ntle le Molimo? Ntle le moo, khotsofalo ea ’nete e tla haella.
Tabeng ena batho ba bangata ba batla ntho eo ba e-song ho e fumane.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Na litlhoko tsa hao tsa moea li tla khotsofatsoa kannete ke ho ba setho sa kereke e itseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ba bangata ba fumane hore ha ba utloisisa Bibele, bophelo bo ba le moelelo o mocha