Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 7/15 maq. 26-27
  • Ba Ile ba Putsetsoa ho Tsamaea ka ho Hloka Molato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Putsetsoa ho Tsamaea ka ho Hloka Molato
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litlhohonolofatso tse sa Lebelloang
  • Lebaka la ho Thaba
  • Johanne oa Tsoaloa
  • Ba Ile ba Putsoa ka ho Enneng
  • Elizabetha o ba le Ngoana
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ho Tsoaloa Motho ea Tla Lokisa Tsela
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Tsoaloa Selelekela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Tsoaloa ea Tlil’o Lokisa Tsela
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 7/15 maq. 26-27

Ba Ile ba Putsetsoa ho Tsamaea ka ho Hloka Molato

JEHOVA o hlohonolofatsa le ho putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ba ka ’na ba tlameha ho leta ka nako e itseng hore ba bone ha merero ea Molimo e phethahatsoa, empa ke thabo e kaakang ha ho fumanoa tlhohonolofatso ea hae!

Sena se ile sa totobatsoa hantle lilemo tse ka bang likete tse peli tse fetileng ho moprista oa Mojode Zakaria le mosali oa hae, Elizabetha, ka bobeli e le ba lelapa la Aarone. Molimo o ne a tšepisitse Baiseraele ho ba hlohonolofatsa ka litloholo haeba ba ne ba ka mo sebeletsa ka botšepehi. O ile a re bana ke moputso. (Levitike 26:9; Pesaleme ea 127:3) Leha ho le joalo, Zakaria le Elizabetha ba ne ba se na bana ’me ba se ba tsofetse.—Luka 1:1-7.

Mangolo a bolela hore Zakaria le Elizabetha “ba ne ba lokile pel’a Molimo ba babeli, ba tsamaea melaong eohle le litaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuoang kateng.” (Luka 1:6) Ba ne ba rata Molimo hoo e neng e se moroalo ho bona ho phehella tsela e lokileng le ho boloka litaelo tsa hae.—1 Johanne 5:3.

Litlhohonolofatso tse sa Lebelloang

A re khutleleng morao ho ea qetellong ea selemo kapa mathoasong a lehlabula la selemo sa 3 B.C.E. Heroda e Moholo o busa Judea e le morena. Ka letsatsi le leng, moprista Zakaria o kena Sehalalelong sa tempele Jerusalema. Ha batho ba ntse ba khobokane ka ntle ho sehalalelo ba rapela, o chesa libano aletareng ea khauta. Mohlomong ho lumeloa hore ena ke tšebeletso e hlomphehang ka ho fetisisa litšebeletsong tsa letsatsi ka leng, e etsoa ka mor’a hore ho etsoe sehlabelo. Moprista o ne a ka ’na a ba le tokelo ena ha ’ngoe feela bophelong bohle ba hae.

Zakaria ha a kholoe seo a se bonang. Ho makatsang, lengeloi la Jehova le eme ka lehlakoreng le letona la aletare ea libano! Moprista ea tsofetseng oa ferekana le ho tlala tšabo. Empa lengeloi le re: “Se tšabe, Zakaria, hobane thapelo ea hao e utloiloe, ’me mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo rea lebitso la Johanne.” E, Jehova o utloile lithapelo tse tiileng tsa Elizabetha le Zakaria.—Luka 1:8-13.

Lengeloi lea phaella: “E tla ba thabo le nyakallo ho uena, ’me ba bangata ba tla thabela ho tsoaloa ha hae. Hobane o tla ba moholo pel’a Morena, ha a ka ke a noa veine le seno se tahang, o tla tlala Moea o halalelang a sa le popelong ea ’m’ae.” Johanne e tla ba Monazari bophelong ba hae ’me o tla tlala moea o halalelang oa Molimo. Lengeloi le tsoela pele: “O tla sokollela bana ba Iseraele ba bangata ho Morena, Molimo oa bona o tla mo etella pele ka moea le ka matla a Elia, a tle a busetse lipelo tsa bo-ntate baneng ba bona, le bahanyetsi bohlaleng ba ba lokileng, a tle a lokisetse Morena sechaba se hlekehileng hantle.”—Luka 1:14-17.

Zakaria oa botsa: “Taba tseo ke tla li tseba ka’ng? hobane ke se ke holile, mosali oa ka le eena o se a tsofetse.” Lengeloi lea arabela: “’Na ke Gabriele, ea emang pel’a Molimo; ke romiloe ho bua le uena, le ho u bolella litaba tsena tse monate. ’Me bona, u tla ba semumu, u sitoe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao litaba tseo li tla etsahala ka ’ona, kahobane u sa ka ua lumela lipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ea tsona.” Ha Zakaria a tsoa sehalalelong, o sitoa ho bua, ’me batho ba hlokomela hore o bile le pono e phahametseng ea tlhaho. Seo a khonang ho se etsa feela ke ho bua ka matsoho, a sebelisa boitšisinyo ba ’mele ho senola likhopolo tsa hae. Ha tšebeletso ea hae ea phatlalatsa e felile, o khutlela hae.—Luka 1:18-23.

Lebaka la ho Thaba

Joalokaha ho tšepisitsoe, kapele-pele Elizabetha o ba le lebaka la ho thaba. Oa ima, a tlosa thohako ea ho ba nyopa. Mong ka eena Maria le eena o tlala thabo, hobane lengeloi lona leo, Gabriele, lea ’molella: “Bona, u tla emola, ’me u tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu. O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae.” Maria o ikemiselitse ho phetha karolo ea ho ba “lekhabunyane la Morena [Jehova].”—Luka 1:24-38.

Maria o mathela lehaeng la Zakaria le Elizabetha motseng oa naha e lithaba ea Judea. Ha ho utloahala molumo oa lentsoe ha Maria a lumelisa, lesea le ka pōpelong ea Elizabetha lea tlōla. A susumetsoa ke moea o halalelang oa Molimo, Elizabetha oa hoeletsa: “Ho lehlohonolo uena har’a basali, ho lehlohonolo le eona tholoana ea popelo ea hao. ’Me ho ntlhahela kae ha ke eteloa ke ’m’a Moren’a ka? U ka bona, lentsoe la tumeliso ea hao etsoare ha le kena litsebeng tsa ka, ngoana a hlasimoloha ke thabo popelong ea me. Ho lehlohonolo ea lumetseng; hobane litaba tseo a li boleletsoeng ke Morena li tla etsahala.” Maria o arabela ka thabo e khōlō. O lula le Elizabetha ka likhoeli tse ka bang tharo.—Luka 1:39-56.

Johanne oa Tsoaloa

Ka nako e loketseng Elizabetha le Zakaria ba tsofetseng ba ba le mora. Ka letsatsi la borobeli, lesea lea bolotsoa. Beng ka Zakaria ba batla ho rea moshanyana Zakaria, empa Elizabetha o re: “Che, empa o tla reoa la Johanne.” Na monna oa hae eo e ntseng e le semumu oa lumela? Lematjaneng oa ngola: “Lebitso la hae ke Johanne.” Hang-hang leleme la Zakaria lea raroloha, ’me o qala ho bua, a boka Jehova.—Luka 1:57-66.

A tletse moea o halalelang, moprista ea tletseng thabo oa profeta. O bua joalokaha eka Molopolli ea tšepisitsoeng—“lenaka la poloko tlung ea Davida”—o se a ntse a tsositsoe tumellanong le selekane sa Abrahama mabapi le Peō ea ho hlohonolofatsa lichaba tsohle. (Genese 22:15-18) Joaloka ea etelletseng Messia pele, mora oa Zakaria ea tsoetsoeng ka mohlolo o tla ‘etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa litsela tsa hae, a tle a nee sechaba sa hae tsebo ea poloko.’ Ha lilemo li ntse li feta, Johanne o ile a tsoela pele ho hōla le ho ba matla moeeng.—Luka 1:67-80.

Ba Ile ba Putsoa ka ho Enneng

Zakaria le Elizabetha e ne e le mehlala e metle ea tumelo le mamello. Ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi esita le hoja ba ne ba tlameha ho letela Molimo, ’me litlhohonolofatso tsa bona tse khōlōhali li ile tsa tla feela ha ba se ba tsofetse.

Leha ho le joalo, Elizabetha le Zakaria ba ile ba thabela litlhohonolofatso tse kaakang! Tlas’a tšusumetso ea moea oa Molimo, ka bobeli ba bona ba ile ba profeta. Ba ile ba fuoa tokelo ea ho ba batsoali le barupeli ba moetelli-pele oa Messia, Johanne Mokolobetsi. Ho feta moo, Molimo o ne a ba talima ba lokile. Ka ho tšoanang, bao kajeno ba phehellang tsela ea bomolimo ba ka ba le boemo bo botle le Molimo ’me ba tla amohela meputso e mengata e hlohonolofalitsoeng ka lebaka la ho tsamaea ka ho hloka molato litaelong tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela