Ho Lokoloha Tšabong ho Haufi!
LE HOJA motho a phela a tšohile bophelong bohle ba hae, haufinyane re ka lebella ka kholiseho nako ea ha ’Muso oa Molimo ka Kreste Jesu o tla felisa ka ho sa feleng ho utloa bohloko hohle—ho kopanyeletsa le ho kula le lefu. Makasine ona o bontšitse hore na ho hlokahala hore u etse joang e le hore u rue molemo litokisetsong tse lerato tsa Molimo. Haeba u ka thabela boitsebiso bo eketsehileng kapa u lakatsa hore motho e mong a u etele lapeng ha hao hore a u rute Bibele a sa u lefise, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.