Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 11/1 maq. 23-27
  • Ho Thusa Lelapa Labo Rōna la Balumeli Bosnia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa Lelapa Labo Rōna la Balumeli Bosnia
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Na e ne e le Boiteko ba Lefeela?
  • Ho Fihla Travnik
  • Ho Leba Zenica
  • Ho Khutlela Hae
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 11/1 maq. 23-27

Ho Thusa Lelapa Labo Rōna la Balumeli Bosnia

LIPAKI TSA JEHOVA ha li kopanele likhohlanong tsa lipolotiki. (Johanne 17:16) Leha ho le joalo, ha li latela keletso ea Pauluse ea ho etsa molemo “haholo-holo ho ba lelapa labo rōna la balumeli,” kapele-pele li thusa Bakreste-’moho le tsona libakeng tse ruthutsoeng ke ntoa. (Ba-Galata 6:10, Beck) Ha mariha a 1993-94 a atamela, Lipaki tse tsoang Austria le Croatia li ile tsa beha bophelo ba tsona kotsing bakeng sa ho thusa lelapa labo tsona la balumeli Bosnia. Ho latelang ke tlaleho ea tsona.

Ho tloha ka March ho ea ho October 1993, ho ne ho se na monyetla oa ho romella thepa ea liphallelo Bosnia. Leha ho le joalo, qalong ea October, ba boholong pusong ba ile ba bontša hore ho ka ’na ha khoneha ho tsamaisa thepa. Sena e ne e tla ’ne e be tšebetso e kotsi, joalokaha ho ne ho e-na le ntoa e mahlo-mafubelu mabaleng ’ohle a ntoa a Bosnia.

Leha ho le joalo, ka Labobeli, la la 26 October, 1993, literaka tsa rōna li ile tsa tloha Vienna li nkile litone tse 16 tsa lijo le patsi bakeng sa Bakreste-’moho le rōna Bosnia. Re ile ra fasa likarete tsa rōna tsa kopano ea setereke bakeng sa boitsebahatso.

Ha re fihla moeling oa Croatia le Bosnia, re ile ra felehetsoa ho ea fihla setsing sa sesole moo literaka tsa rōna li ileng tsa hlahlobjoa ka ho feletseng. Kōpo ea rōna ea ho haola le naheng ea Serbia e ile ea hanoa. Tsela e neng e ka lumelloa feela e ne e le e fetang le Bosnia bohareng—e leng hona moo thekō li neng li kopane!

Na e ne e le Boiteko ba Lefeela?

Ha litho tsa sesole tse re felehelitseng li re eteletse pele ho tloha sebakeng ka seng sa ho hlahlobjoa, re ne re utloa ho phatloha ho tabolang tsebe ha likanono le lithunya. Bosiu re ne re tsamaea le merung re felehelitsoe ka litanka tse peli le jipi. Literaka tsa rōna li ne li tsamaea butle haholo ha li feta sebakeng seo ho neng ho hlile ho loanoa ho sona! Litaba li ile tsa tsamaea hantle ho fihlela hoseng ha likulo li ne li feta holim’a lihlooho tsa rōna ra ba ra tlameha ho ipata ka mor’a leralla. Ka mor’a nakoana ho thunya ho ile ha emisa, ’me ra tsoela pele leetong la rōna.

Ha re fihla kampong, ofisiri e laolang ea sesole e ile ea re botsa hore na re bo-mang le hore na re batla eng. Ka mor’a hore re hlalose morero oa rōna e ile ea re: “Mosebetsi oa lōna o ke ke oa atleha ho hang. Ha le na monyetla oa ho tsoa ka kampong ena, esita le oa ho tsamaea sebaka se fokolang feela. Tlala ea sekoboto e jele setsi ka hare ho naha ena hoo batho ba tla le hlasela ’me ba utsoe thepa ea lōna.” O ile a re phehella hore re retelehe ’me re khutle.

Na boiteko ba rōna “bo ne bo ke ke ba atleha ho hang”? Na e ne e le ntho ea lefeela ho lebella hore re ka tsamaea re feta libakeng tse ruthutsoeng ke ntoa le tse otluoeng ke tlala ea sekoboto ’me leha ho le joalo re ’ne re sireletse thepa ea rōna le bophelo ba rōna? Ho ne ho tlameha hore ho etsoe qeto e tebileng. Re ne re se re utloile melumo ea lithunya le ho phatloha ha libomo ho thibang litsebe. Ha re ntse re qeta bosiu re e-na le masole, re ne re ka bona hore a ne a itokiselitse mathata a ntoa ka ho feletseng. A ne a apere libesete tse thibelang kulo ho feta ’me a hlometse ka matla. Esita le le phehang le ne le fasitse morathatha oa sethunya ka morao. ’Me rōna re ne re apere lihempe, re fasitse lithae, le likarete! Na e ne e le bohlale hore re tsoele pele?

Ho Fihla Travnik

Ho ne ho bonahala tšepo ea rōna feela e le ho buisana le sehlopha sa boraro se ntoeng ena. Hoseng ho latelang re ile ra botsa mosali e mong e mocha hore na o tseba moo re ka fumanang ntlo-khōlō ea liemelo tsa sesole tsa sehlopha sena. O ile a re: “Ha e hōle, ha le feta ka har’a moru feela, le tla bona mohaho oo e kileng ea e-ba sepetlele.” Re ne re laba-labela ho tsamaea. Masole a ne a maketse hore ebe re ne re le sebete sa ho tloha kampong re sa hlomela.

Moo pele e neng e le sepetlele e ne e le lithako feela, empa ofisiri e ne e le teng. E ile ea lumela ho thusa, e re eletsa hore re bue le molaoli oa eona pele. E ile ea re nka ka koloi ea eona e khobehileng ’me e khanna ka lebelo le phahameng haufi le lebala la ntoa. Re ile ra emisa mohahong moo molaoli oa mabotho a ileng a lumela ho buisana le rōna ka phaposing e lefifi.

O ile a re: “Bosiung bo fetileng re ne re batla ho le thunya. Le batla’ng?”

“Re Lipaki tsa Jehova, ’me re batla ho isa liphallelo ho baena ba rōna.”

O ne a hlile a maketse—a bile a khahluoe—kaha ka libeke tse ngata ho ne ho sa ka ha e-ba le ba literaka tsa liphallelo ba ileng ba iteta sebete ho kena Bosnia. Ka mor’a ho hlahlobjoa ka ho feletseng, re ile ra fuoa bopaki bo ngotsoeng. Bosiung bo fetileng re ne re ile ra nahana hore ha re na monyetla oa ho tsoela pele leetong la rōna, ’me joale re ne re ka tsoela pele ntle le ho felehetsoa!

Re ile ra tsamaea ho pholletsa le meru, re feta libaka tsa tlhahlobo tse ngata, ’me ka linako tse ling re ne re tsamaea haufi le mabala a ntoa. Ho sa tsotellehe kotsi, re ile ra fihla Travnik re sireletsehile. Lesole le neng le utloetse ka ho fihla ha rōna le ile la mathela ntlong eo baena ba rōna ba neng ba bokane ho eona. Le ile la hoeletsa: “Batho ba habo lōna ba teng mona ka literaka!” U ka inahanela thabo ea bona. Re ile ra isa lijo ka tlung, ra bua mantsoe a se makae, empa joale re ne re tlameha ho tsamaea. Ho ne ho ntse ho fifala, ’me leeto le boima la lik’hilomithara tse 32 le ne le larile ka pele.

Ho Leba Zenica

Koloi e re felehetsang e ile ea re etella pele ho pholletsa le merung ka lebelo le phahameng. Ba bang ba ile ba re re ke ke ra atleha ho fihla Zenica, empa re ile ra fihla. Ho ne ho bonahala lefifi le aparetse toropo ena. Ho ne ho se mabone ’me ho se likoloi ’mileng. Zenica e ne e thibeletsoe ka mahlakoreng ’ohle, e leng ho ileng ha fella ka tlala ea sekoboto le ho felloa ke tšepo.

Ha re feta seterateng, re ile ra bona ntho e makatsang—bo-khaitseli ba babeli ba Bakreste ba paka! Re ile ra tsebisoa hore ka la maobane sebokeng sa bona, ho ne ho entsoe qeto ea hore baena ba tla tlameha ho ea merung ho ea batla lijo, kaha lijo li ne li se li haella. Re ile ra fihla hantle ka nako! Re ile ra laolla e ’ngoe ea literaka ka hora ea bone hoseng, nakong eo ho neng ho se motho seterateng.

Letsatsing le hlahlamang re ile ra kopana le molaoli oa mabotho, ea neng a maketse haholo hore ebe re atlehile ho fihla Zenica. Joale re ile ra botsa mabapi le ho leba sebakeng se latelang seo re neng re e-ea ho sona, e leng Sarajevo.

Molaoli o ile a re: “Ka likhoeli tse ngata ha ho motho ea keneng moo ka teraka.” Qetellong o ile a re fa tumello ea ho haola le lithabeng. O ile a lemosa: “Empa kea le bolella, ho thata. Ha ke kholoe hore literaka tsa lōna li matla ka ho lekaneng hore le fihle moo le eang.”

Molaoli eo oa mabotho o ne a sa feteletsa litaba. Ha re le lik’hilomithara tse 40 ho tloha Sarajevo, re ile ra tlameha ho tsamaea merung lik’hilomithara tse 140 ka tsela e potolohang! Re ke ke ra hlola re lebala leeto lena la ho tloha Zenica re pota le Sarajevo ho leba Jablanica le ileng la nka matsatsi a mararo le masiu a mabeli, hangata e le ka lebelo la lik’hilomithara tse hlano feela ka hora. “’Mila” e ne e le tselana e sentsoeng ke likoloi tse hlometseng tsa masole. Re ile ra tsamaea holim’a majoe le likoti tse tšosang. Ka makhetlo a mangata re ile ra tlameha ho khanna re timme mabone, ’me liketsahalong tse peli literaka tsa rōna li ile tsa batla li phethoha maralleng a tetebelang. Teraka ea sesole e neng e latetse literaka tsa rōna e ile ea khantša mabone ka motsotsoana feela ’me hang hang e ile ea thunngoa. Ka linako tse ling re ne re tlameha ho lokisa marokho a senyehileng le ho lokisa lithaere.

Ha re fihla sebakeng se mathōkong a Sarajevo, re ile ra kōpa ho buisana le molaoli oa mabotho ea ikarabellang. Ha re ntse re letile, re ile ra bona teraka seterateng e nkileng litopo tse leshome le mokotla oa lihlooho; masole a ne a bua ka ho lokolloa ha litopo tseo—pono e sa khahliseng ka sebele, e re etsang hore re laba-labele letsatsi leo ka lona ntoa e tla fela.—Esaia 2:4.

Ka 10:00 hoseng, qetellong e mong oa rōna o ile a fuoa monyetla oa ho bua le molaoli oa mabotho hammoho le liofisiri tse phahameng ka phaposing e lefifi, e khantšitsoeng ka kerese feela.

Molaoli oa mabotho o ile a botsa: “Le bo-mang?”

“Re Lipaki tsa Jehova. Re batla ho isa lijo ho Lipaki tsa habo rōna Sarajevo.”

“Na lea tseba hore ho na le Lipaki tsa Jehova tse ngata Sarajevo?”

“E, ke ka lebaka leo re leng mona.”

Joale molaoli oa mabotho o ile a bolela lebitso la Paki e ’ngoe. “Na lea mo tseba?”

“E, ke motsoalle oa rōna.”

Molaoli a re: “Le ’na ke motsoalle oa ka. Re ne re kena sekolo hammoho. Haesale a fetoha Paki, ke mo ananela le ho feta. O le sebelelitse haholo. Ka kōpo re bolelleng ho eketsehileng ka Lipaki tsa Jehova.”

Ho ile ha qaleha puisano e ileng ea nka hora, ’me ka mor’a eona ho ile ha nehelanoa ka limakasine le libukana tse ngata. Ka mor’a seboka sa bobeli, molaoli oa mabotho o ile a lumela ho etsa litokisetso tse khethehileng e le hore thepa ea liphallelo e ka lebisoa ho baena ba Sarajevo.

Sena e ne e se tšebetso e nyenyane. Batho ba ka bang 30, ho akareletsa le bao eseng Lipaki, ba ile ba jara thepa e bekhang lik’hilograma tse ka bang 27 motho ka mong. Ba ile ba sebetsa ka thata ho tloha ka 8:00 bosiu ho ea ho 5:00 hoseng ka masiu a mabeli a fapaneng—kakaretso ea lihora tse 18. Moholo e mong o ile a hlalosa hore baahisani ba hae ba ne ba hloletsoe ke boiteko ba liphallelo hoo ba ileng ba khumama le baena ’me ba leboha Jehova! Ho hlakile hore le bona ba ile ba fumana lijo tse itseng.

Nahana thabo ea baena ba rōna ha ba fumana thepa ea liphallelo e ka bang boima ba lik’hilograma tse 11 000! Boemo e ne e le bo hlokisang tšepo. Sebakeng seo, k’hilograma e le ’ngoe ea phoofo e lefelloa ka chelete e pakeng tsa DM450 le DM1 000 (R1 090 le R2 400). Mokotla oa patsi o lefelloa ka hoo e ka bang DM400 (R945), ’me lithara ea disile e lefelloa DM30 (R70).

E ne eka joale rea putsoa bakeng sa kotsi e ’ngoe le e ’ngoe eo re ileng ra tobana le eona tseleng. Re ile ra nyakallela ho nahana ka thabo ea baena ba rōna ha ba amohela thepa ena ea liphallelo. E ne e le phihlelo eo bona—hammoho le rōna—re ke keng ra hlola re e lebala. Empa joale re ne re tlameha ho qala ho nahana ka phephetso ea ho khutlela hae.

Ho Khutlela Hae

Re ile ra botsa molaoli oa mabotho: “Re tla khutla le hokae?”

O ile a araba: “Ka tsela eo le tlileng ka eona.”

Re ne re khathetse, ho setse mafura a fokolang, ’me re se na lithaere tse ka thōko. Pula e ile ea qala ho na, ’me re ne re ke ke ra tsamaea seretseng. Re ile ra botsa molaoli oa sesole hore na re ka tsamaea le ka boroa.

O ile a re: “Mono ho na le lintoa tse mahlo-mafubelu. Esita le toeba e ke ke ea feta le teng.” Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana, o ile a nahana hape. O ile a re: “E lekeng. Etsoe le atlehile ho fihla mona.”

Re ile ra tlameha ho siea teraka e ’ngoe le ho arolela mafura a eona literakeng tse ling tse tharo. Re ile ra tloha har’a mpa ea bosiu ’me ra tsamaea merung hape.

Leeto la rōna la ho khutla le ne le ntse le e-na le mathata. Re ile ra teana le teraka ea sesole e oele ka lehlakore, e koetse tsela ka karolong e ’ngoe ea borokho boo ho neng ho hlokahala hore re tšele ho bona. Re ile ra bona hore ha re ne re ka khona ho ntša lebili le le leng feela la eona, ho ne ho tla ba le sebaka se lekaneng sa ho feta.

Re ile ra etsa kōpo ho lesole le hlometseng. “Na ka kōpo re ka ntša lebili lee ra ba ra le khoesa hape ka mor’a hore re tšele borokho?”

Lesole leo le ile la araba le korotse ka sebetsa: “Haeba le thetsa lebili leno, sethunya sa ka se tla sebetsa.”

Re ile ra nahana hore ho ka ’na ha e-ba molemo hore re etse kofi ’me re nehe lesole leo kopi e le ’ngoe. Ka lihora tse ’maloa, re ile ra le bolella ka likopano tsa machaba tsa 1991, joaloka e neng e tšoaretsoe Zagreb. Ka mor’a moo, boikutlo ba lona bo ile ba nolofala, ’me le ile la re lumella ho ntša lebili.

Jablanica, e mong oa rōna o ile a bua le molaoli e mong mabapi le tsela e itseng eo re neng re batla ho tsamaea ka eona. O ne a sa kholoe seo a neng a se utloa. “Le batla ho feta le Phuleng ea Neretva?”

O ne a tšoenyehile ka ho utloahalang. Maralla a Phula ea Neretva a tlas’a taolo ea mabotho a fapaneng. Kamehla a ntse a thunyana. Lik’hilomithara tse ka bang 16, ’mila o na le likotsi tse patehileng. Molaoli oa lebotho o ile a re: “Ke kamoo moo ho leng kateng, ’me leha ho le joalo, le batla ho feta le teng?”

Ka mor’a ho seka-seka taba, molaoli eo o ile a re re ka tsamaea—empa hafeela re felehelitsoe ke liofisiri. Leha ho le joalo, liofisiri tsena, li ne li le leqe ho tsamaea le rōna! Qetellong, re ile ra li kōpa feela hore li bue le lehlakore le leng ’me li le tsebise hore re tla tla re feta. Hoseng ho hlahlamang re ne re tla feta re sa felehetsoa.

Re ile ra ngola ka mongolo o moholo literakeng tsa rōna hore ke tse nkileng liphallelo. Ka mor’a ho etsa thapelo, re ile ra leba phuleng. Re ile ra lumellana hore haeba ho thunngoa, re ke ke ra eketsa lebelo la rōna ebe re tsosa pelaelo.

Re ile ra tšela borokho ho ea ka mose oane ho nōka ’me ra tsoela pele ho leba phuleng e hlahlamang, re feta litopo tsa liphoofolo le literaka le litanka tse senyehileng. Ka tšohanyetso re ile ra hlokomela liqhomane li rapaletse ka tseleng, li re sitisa ho feta. Re ile ra letsa lenaka la teraka ho fihlela ha masole a mabeli a hlaha ka mor’a lefika. A ile a botsa: “Le bo-mang? Le batla’ng?”

Ka mor’a ho itsebahatsa, re ile ra a kōpa hore na a ka bula tsela, ’me a ile a lumela. Qetellong, re ile ra fihla ka lehlakoreng le leng.

Masole moo a ile a makala ha a re bona. A ile a tsoa butle lilaong tsa ’ona, a atamela teraka a re korotse ka lithunya. Re ile ra hlahisa lipampiri tsa rōna tsa tumello hammoho le linomoro-polata tsa rōna, tseo re neng re li tlositse ka mabaka a tšireletso ha re ne re tsamaea libakeng tsa ntoa.

Lesole le leng le ile la re: “Ho ne ho se motho ea le lebeletseng. Le ne le ka feta joang?”

Ho fapana le kōpo ea rōna, ha ho lea mong meeling ena ea neng a tsebisitsoe ka ho tla ha rōna! Ofisiri eo e ile ea tsoela pele: “Lithunya tsa rōna li ne li se li chehiloe, ’me re ne re le mothating oa ho thunya.”

Re ile ra ba botsa hore na ke hobane’ng ha ba sa ka ba thunya.

Lesole leo le ile la araba: “Ha ke tsebe. Ke lumela hore e ne e le lehlohonolong la lōna. Empa ha re le sheba ka mochine oa rōna o bonelang hōle, re ile ra bona mongolo o reng ‘liphallelo,’ ’me ha rea ka ra tseba hore na re etse eng ka lōna. Kahoo le fihlile le sireletsehile.” Hamorao re ile ra etsa thapelo e tlohang botebong ba pelo ho leboha Jehova bakeng sa tšireletso ea hae.

Le hoja maemo a bona a le boima, moea oa baena le bo-khaitseli ba rōna ba Bosnia ke o susumetsang. Ba arolelana lintho tsa nama tseo ba nang le tsona hammoho le mantsoe a mangata a tumelo le khothatso. Zenica, ho na le Lipaki tse 40 tse mafolo-folo, ho akareletsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 2, bo-pula-maliboho ba thusang ba 11, le batho ba 14 ba sa tsoa kolobetsoa. Lipaki tse 65 le bo-pula-maliboho ba thusang ba 4 ba ntseng ba setse motseng oa Sarajevo ba khanna lithuto tsa Bibele tse 134. Lipaki li qeta karolelano ea lihora tse 20 khoeli ka ’ngoe li bua le ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.

Ka ’nete, Lipaki tsa Jehova li bōpa lelapa la balumeli la lefatše ka bophara. Ka ho rata li beha bophelo ba tsona kotsing hore li etse molemo ho ba amanang le tsona tumelong—esita le bao li e-song ho bonane le bona pele. Hobane’ng? Hobane lia ba rata. Jesu Kreste o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Ka sebele sena ke se hlileng se etsahetseng ka lelapa labo rōna la balumeli Bosnia.

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leoatle la Adriatic

AUSTRIA

SLOVENIA

HUNGARY

CROATIA

BOSNIA

SERBIA

Travnik

Zenica

Sarajevo

[Litšoantšo]

Ho isa liphallelo Bosnia le Herzegovina

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho feta butle terakeng e phethohileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela