Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 12/1 leq. 31
  • ‘Mesebeti ea Hae ea mo Latela’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Mesebeti ea Hae ea mo Latela’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 12/1 leq. 31

‘Mesebeti ea Hae ea mo Latela’

KA 8:50 hoseng ka Labone, la 28 July, 1994, George D. Gangas o ile a fihla qetellong ea tsela ea hae ea lefatšeng. O ne a le lilemo li 98. George Gangas, eo e neng e le e mong oa batlotsuoa, e bile setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ho tloha ka la 15 October, 1971.

Bohle ba neng ba tloaelane le Moena Gangas ba ne ba tseba lerato la hae la ho loka le lehloeo la hae la bokhopo. Ba hopola hantle tsela eo ka eona a neng a sa phetse ho hlalosa Satane e le motho ea leshano ka mokhoa o tšosang, o khopo, o mobe, le o nyatsehang. Ha ho bapisoa, o ne a bua ka Jehova e le Ntate ea lerato, ea mosa, ea qenehelang, ea bonolo, le ea tsotellang. Ba bangata ba boetse ba mo hopola ka lerato la hae la ho botsa lipotso tsa Bibele. Moqoqong ofe kapa ofe, o ne a sa hlōlehe ho botsa lipotso—tse ling tsa tsona li le bonolo, tse ling tsa tsona li etsa hore motho a ingoae hlooho. Ka sebele, o ne a rata ’nete ea Bibele.

Moena Gangas o ile a kolobetsoa ka la 15 July, 1921. O ile a qala mosebetsi oa hae tšebeletsong ea boboleli ea nako e tletseng (bopula-maliboho) ka March 1928. Kahoo, o bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 66 kaofela. E bile e mong oa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Brooklyn ea Watch Tower Bible and Tract Society ka la 31 October, 1928.

Pale ea bophelo ba hae e ile ea hlaha tokollong ea The Watchtower, ea October 15, 1966. E hlalosa motho eo ka sebele e leng oa Molimo oa moea. Sehloohong seo, o ile a bua polelo e latelang e thabisang: “Ke rata bophelo ’me ke batla hore baena ba ka ba fumane bophelo. Tumellanong le moapostola Pauluse ke nahana hore lintho tse ling tsohle ke ‘tšenyehelo, ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste.’”—Ba-Filippi 3:8.

Moena Gangas o ile a bontša ka liketso tsa hae hore ka sebele o ne a rata bophelo, ’me o ne a abelana ‘tsebo ea hae ka Kreste Jesu’ le ba bang. Re tla mo hloloheloa, empa re thaba hakaakang hore ebe joale o fumane moputso oa hae oa leholimo! Joale, ‘o tla phomola mesebetsing ea hae; hobane mesebetsi ea hae ea mo latela.’—Tšenolo 14:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela