Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Batho ba Molimo ba Itlhahisa ka ho Rata
LEBITSO la hae e ne e le Josefa, ’me e ne e le letsoalloa la sehleke-hlekeng sa Cyprus. O ne a le har’a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba rekisa masimo le matlo a bona e le hore ba ka nehelana ka chelete bakeng sa ho ntšetsa Bokreste pele. Ka lebaka la botho ba hae bo mofuthu le ho fana ka seatla se bulehileng, o ile a tsejoa e le Barnabase, e bolelang “Mor’a Tšeliso.”—Liketso 4:34-37.
Kamehla thahasello e joalo ea sebele bakeng sa ba bang e ’nile ea e-ba letšoao le khethollang barapeli ba ’nete ba Jehova. Kajeno Lipaki tsa Jehova ha lia fapana, joalokaha ho totobatsoa ke phihlelo e latelang e tsoang Solomon Islands.
Sehlopha sa Lipaki tse ka holimo ho 60 tse tsoang Australia le New Zealand se ile sa nka leeto la ho ea Honiara, motse-moholo oa Solomon Islands o Guadalcanal. Ba ne ba tlile ho tla thusa kahong ea Holo ea Kopano bakeng sa lipokano tse khōlō tsa Bokreste. Ho ile ha ba nka libeke tse ka bang peli feela ho emisa holo eo ho eona ho ka lulang batho ba ka bang 1 200!
Hoo e ka bang ka nako e tšoanang, ba boholong ba toropong e nyenyane ea Munda, sehleke-hlekeng sa New Georgia, ba ile ba fa phutheho ea Lipaki tsa Jehova koatipa ea setša hantle feela ka har’a toropo. Li ne li batla ho haha Holo ea ’Muso, sebaka sa borapeli. ’Me li ne li hlile li e hloka. Li ne li ntse li kopanela ka kamoreng ea ho phomola ea ntlo e nyenyane e entsoeng ka makhasi, empa li ne li se na chelete ea ho haha Holo ea ’Muso.a Ba bangata phuthehong ena e ne e le batho ba hōlileng le ba holofetseng le bana, ’me ho ne ho se ea nang le phihlelo mosebetsing oa ho haha.
Sehleke-hlekeng sa Guadalcanal, se bohōle ba lik’hilomithara tse 380, Lipaki tsa motseng oa Honiara li ile tsa itlhahisa ka ho rata. (Pesaleme ea 110:3) Li ile tsa nahana: “Haeba baena ba rōna ba linaheng tse ling ba ne ba ikemiselitse ho re hahela Holo ea Kopano ka libeke tse peli, joale ka sebele re ka thusa baena ba rōna ba Munda ’me ra ba hahela Holo ea ’Muso ka libeke tse peli.”
Seo ke se ileng sa etsahala. Ka letsatsi le leng seketsoana se nkileng Lipaki tsa baithaopi tse thabileng le tse chesehang se ile sa fihla Munda. Banna le basali, ba hōlileng le ba bacha, kaofela ba ile ba phathahana ka ho laolla thepa ea bona le ho itokisetsa ho qala ho haha ka lifate, samente, masenke, le ka thepa e ’ngoe e neng e fihlile Munda pele ba fihla.
Kapele ka mor’a hore mosebetsi o qale, sefefo se tsamaeang le letōlo se ile sa khaola phepelo ea metsi toropong eo. Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa ipaka e le bothata bo ke keng ba hlōloa. Lipaki li ile tsa cheka seliba se ileng sa fepela metsi nakong ea tšebetso eohle ea ho haha. Ho thoe’ng ka lijo bakeng sa basebetsi bohle? Seo le sona e ne e se bothata. Baithaopi ba tsoang Honiara ba ne ba fuoe mofaho o mongata ke liphutheho tsa Honiara ha ba tloha. Ba ne ba bile ba tlile le baapehi ba bona!
Baahisani ba ile ba shebella tsoelo-pele ea morero oo ka ho makala. E mong oa bona o ile a re: “Lintho ha li etsahale ka matsatsi a seng makae mona. Li nka lilemo.” Moahisani e mong, eo e leng moeta-pele oa bolumeli, o ile a lumela hore kereke ea hae e ’nile ea hahuoa ka lilemo tse 20 tse fetileng le hore e ntse e e-s’o qetoe. Ka ho fapaneng, Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e ncha Munda e ile ea qetoa ka matsatsi a leshome feela!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ntlo ea makhasi e etsoa ka thepa e renngoeng lihlahleng kapa merung. E raloa ka lithupa le lipalo, ’me marulelo le marako a koaheloa ka mamatjana a entsoeng ka makhasi a palema a haretsoeng lithupeng eaba ho rokelloa ka lithupa tsa morara.
[Limmapa tse leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle la Pacific Boroa
SOLOMON ISLANDS
Munda
GUADALCANAL
Honiara
[’Mapa]
AUSTRALIA
NEW ZEALAND