“Ho Rekisa Letsoai” Mozambique
FRANCISCO COANA, setho sa komiti ea naha ea Mozambique, o ile a qeta lilemo tse leshome a le “likampong tsa ho koetlisoa bocha.” O pheta phihlelo ea hae: “Ke ne ke tseba hore re tla ba mona ka nako e teletsana, kahoo ke ile ka botsa molebeli oa potoloho hore na nka tsoela pele ke le pula-maliboho oa kamehla. Empa ke ne nka khona joang ho ba tšebeletsong ea phatlalatsa ka nako e lekaneng, kaha hoo e ka bang e mong le e mong kampong eo e ne e le Paki ea Jehova? Ke ile ka re ke tla tsoela Milange, toropo e bohōle ba lik’hilomithara tse 47, hore ke e’o fumana batho bao nka bolelang ho bona.
“Le hoja ka molao re ne re sa lumelloe ho tloha kampong, molao ona o ne o sa qobelle. Ke sa hopola ha ke e-ea ka morung, ke khumama, ’me ke rapella tsela ea ho bolela ho batho ba sebaka seo. Jehova o ile a araba kapele.
“Ke ile ka buisana le motho ea nang le baesekele, ’me ka etsa tumellano le eena. O ile a lumela hore haeba nka mo lemela sebaka se boholo ba likotara tse tharo tsa hekthere pele nako ea lipula e fihla, o ne a tla mpatala ka baesekele ena. Kahoo ke ne ke lema masimo a hae hoseng ho hong le ho hong. Jehova o ile a hlohonolofatsa tokisetso ena, kaha ke ile ka qetella ke fumane baesekele ea ka.
“Phello e bile hore ke ne ke khona ho fihla toropong e khōlō ea Milange ’me ke tsoela pele ho bula maliboho ka katleho tšimong ena e behang litholoana. Kaha mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe, ke ne ke tlameha ho qapa tsela ea ho kenyeletsa ’nete ho batho. Ke khoaetse libuka le limakasine ka har’a hempe, ke ne ke nka letsoai ka mokotlaneng ebe ke tsamaea ke rekisa letsoai. Ho e-na le ho le rekisa limeticaise tse 5, ke ne ke le rekisa limeticaise tse 15. (Haeba theko ea lona e ne e le tlaase haholo, batho ba ne ba tla le reka kaofela, ebe ha ke be le letsoai leo nka le sebelisang bakeng sa ho bolela!) Ke ne ke buisana le batho ka tsela ena:
“‘Lumela! Kajeno ke rekisa letsoai.’
“‘Ke bokae?’
“‘Limeticaise tse 15.’
“‘Che, che. Theko ea lona e phahame haholo!’
“‘E, ke lumellana le uena hore theko ea lona e phahame haholo. Empa haeba u nahana hore theko ea lona e phahame haholo hona joale, ema hanyenyane feela u tla bona hore e tla phahama haholoanyane nakong e tlang. Na ua tseba hore see se boletsoe esale pele ka Bibeleng?’
“‘Ha ke e-s’o bale seo ka Bibeleng ea ka.’
“‘E, se teng. Tlisa Bibele ea hao ke u bontše.’
“Ka tsela eo moqoqo o qalisoa ka ho sebelisa Bibele ea hae, ka hona ke ntse ke khoaetse ea ka ka har’a hempe ea ka. Ke ne ke mo lebisa ho Tšenolo khaolong ea botšelela, mabapi le maemo a bohloko le likhaello tsa lijo. Haeba ke ne ke lemoha hore motho o arabela hamolemo, ke ne ke khoaolla buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng kapa Litaba tse Molemo tse tla u Thabisa ’me ke qalise thuto ea Bibele e lokiselitsoeng.
“Phello e bile hore ke ile ka khona ho theha sehlopha sa ba 15 ba thahasellang Milange. Empa ha hoa ka ha feta nako e telele pele ba boholong ba re fumana. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke khanna thuto ea Bibele, mapolesa a ile a itšohlometsa ’me a re tšoara. Kaofela ha rōna, ho akarelletsa le bana ba banyenyane ba lelapa leo, re ile ra isoa teronkong ea moo. Ka mor’a ho qeta khoeli re le moo, kaofela ha rōna re ile ra khutlisetsoa kampong hape.”
Liphihlelo tsena ha lia ka tsa tapisa cheseho ea baena ba rōna. Ho e-na le hoo, Francisco le lelapa la hae, hammoho le baena ba bona ba likete ba neng ba le likampong, hona joale ba rapela le ho bolela ka bolokolohi Mozambique.