Ha ‘Ho se Moea oo e Leng Moea o Nepahetseng’
“HA MOTHO a sa tsebe hore na ke kou efe ea likepe eo a eang ho eona, ha ho moea oo e leng moea o nepahetseng.” Mantsoe ana, ao ho boleloang hore ke a rafilosofi oa Moroma oa lekholong la pele la lilemo Lucius Annaeus Seneca, a tiisa ’nete eo e leng khale e tsejoa: Hore bophelo bo be le moo bo lebang teng, lipakane lia hlokahala.
Leha ho le joalo, hangata bophelo e ba ho hoholeha feela ntle ho sepheo. Ba bangata ba khotsofaletse feela ho qoba mafika le metsi a ferellang a bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ha ho se sebaka se tobileng seo ba lebang ho sona, ba ba joaloka maqhubu a “isoang pele ke moea ka motsotso o mong ’me ka o latelang a khutlisetsoa morao.” (Jakobo 1:6, “Phillips”) Ho batho ba joalo, “ha ho moea oo e leng moea o nepahetseng.”
Bibele e fana ka mehlala ea ba neng ba ipehetse lipakane, ka tsela eo ba sebeletsa e le mehlala e lokelang ho etsisoa ke Bakreste kajeno. Moshe “o ne a talimile ka hloko tefong ea moputso.” (Ba-Heberu 11:26, NW) Pauluse o ile a ngola: “Ke mathela ka ho toba pakaneng e le hore ke hape moputso.” O ile a khothaletsa balumeli-’moho ho “ba le boikutlo bona bo tšoanang.”—Ba-Filippi 3:14, 15, “Today’s English Version.”
Mahlo a rōna a tsepame ka matla litšepisong tsa Bibele, e se eka re ka etsisa tumelo ea banna ba joalo ba neng ba ipehetse lipakane.—Bapisa le Ba-Heberu 13:7.