Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 10/15 maq. 3-4
  • Tšabo—Na ke Motsoalle Kapa Sera?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšabo—Na ke Motsoalle Kapa Sera?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Tšaba Molimo—Na ho ka U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Etsa Hore Pelo ea Hao e Tšabe Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tšaba Molimo, Eseng Batho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 10/15 maq. 3-4

Tšabo—Na ke Motsoalle Kapa Sera?

“Ke nahana ka mokhoa oo ke batlang ho shoa ka oona. Ha ke batle ho thunngoa, empa haeba ho etsahala, ke batla hore ke thunngoe hona botsekeng mona hantle, e le hore ke shoe hang-hang.”

MOTLALEHI oa Los Angeles Times o ile a utloa seo ho ngoanana ea lilemo li 14. O ne a ntse a buisana ka lipotso le liithuti mabapi le lipolao tse sa tsoa etsahala—tsa bacha ba bolaeang batho ba baholo hammoho le bacha ba bang. Sehlooho sa tlaleho eo se ne se re: “Lefatše la Tšabo.”

U tseba hantle hore ba bangata ba phela lefatšeng la tšabo. Tšabo ea eng? Ho ka ba thata ho qolla mofuta o itseng oa tšabo. Lebokoseng lena le haufi, ak’u shebe hore na u ka fumana lintho tseo metsoalle ea hao kapa batho ba bangata ba li tšabang sebakeng sa heno. Lebokose lena le tsoa ho Newsweek ea la 22 November, 1993, ’me le bontša liphello tsa phuputso e entsoeng ho “bana ba 758 ba pakeng tsa lilemo tse 10 le 17, hammoho le batsoali ba bona.”

Haeba ho ne ho ka buisanoa ka lipotso le bacha bao hona joale, mohlomong ba ne ba ka bolela mabaka a eketsehileng a ho tšaba, a kang litšisinyeho tsa lefatše. Ka mor’a koluoa ea tšisinyeho Los Angeles ka January 1994, Time e ile ea tlaleha: “Har’a matšoao a ho ferekana kelellong a bang teng ka mor’a koluoa ke mehopolo e sa laoleheng ka liphihlelo tsa nako e fetileng, litoro tse tšosang, ho falimeha ka ho feteletseng le ho halefa ka lebaka la ho hlōleha ha motho ho laola bophelo ba hae.” Rakhoebo e mong ea ileng a etsa qeto ea ho falla sebakeng seo o itse: “Tšenyo hase letho. Taba-taba ke tšabo e atileng. U robala karolong e ka tlaase-tlaase ea mohaho u ntse u roetse lieta. Ha u robale. U lula moo feela u e lebeletse bosiu bo bong le bo bong. Ke ntho e khopisang.”

Tlaleho ea la 11 April, 1995, e tsoang Tokyo, e ile ea fuoa sehlooho se reng: “Letoto la Likoluoa le Siea Majapane a Tšohile.” E ile ea re: “Tlhaselo e entsoeng ka khase e senyang methapo . . . e bile tsietsi e tebileng ka ho khetheha likelellong tsa Majapane hobane e ile ea tla e le karolo ea letoto la liketsahalo tseo ha li le hammoho li ileng tsa hlahisa lipelaelo tse ncha mabapi le bokamoso. . . . Batho ha ba sa ikutloa ba sireletsehile literateng tseo pele li neng li tumme ka ho sireletseha ha tsona bosiu kapa motšehare.” ’Me hase batho ba hōlileng feela ba tšabang. “Moprofesa Ishikawa [oa Univesithi ea Seijo] o itse matšoenyeho . . . a ne a le maholo haholo-holo har’a bacha, bao hangata ba se nang monahano o hlakileng oa seo bokamoso bo ba fuparetseng sona.”

Bopaki bo bontša hore “ketsahalo e tšosang ka ho fetisisa e ka fetola tšebetso ea boko, ea etsa hore le mashome a lilemo hamorao batho ba ’ne ba arabele kapele haholoanyane tšusumetsong ea lero la ’mele le susumetsang maikutlo.” Bo-rasaense ba leka ho utloisisa kamoo boko bo hlalosang boemo bo bakang tšabo—kamoo re lekanyetsang litaba tse itseng le ho arabela ka tšabo. Moprofesa Joseph LeDoux o ile a ngola: “Ka ho sibolla litselana tsa methapo ea kelello tseo ka tsona boemo bo itseng bo etsang sebōpuoa hore se ithute tšabo, re tšepa ho hlakisa tšebetso e akaretsang ea mofuta ona oa ho hopola.”

Leha ho le joalo, boholo ba rōna ha re thahaselle hakaalo motheo oa tšebetso ea tšabo kapa oa methapo ea kelello ea tšabo. Ka ho utloahalang re ka ’na ra thahasella haholoanyane likarabo tsa lipotso tse kang, Ke hobane’ng ha re tšohile? Re lokela ho arabela joang? Na ho na le tšabo leha e le efe e molemo?

Mohlomong u tla lumela hore ka linako tse ling tšabo e ka u thusa. Ka mohlala, nka hore ho se ho le lefifi ha u atamela ntlong ea hao. Lemati le bulehile hanyenyane, le hoja u ne u le siile le koalehile hantle. Ha u sheba ka fensetere ho bonahala eka u bona liriti tse ntseng li sisinyeha. Kapele-pele u-ua ferekana, u lemoha hore ho na le ho hong ho phoso ka ho fetisisa. Mohlomong lesholu kapa senokoane se hlabang ka thipa se teng ka hare.

Tšabo ea hao ea tlhaho boemong bo joalo e ka u sireletsa hore u se tsamaele boemong bo kotsi ka ho se tsotelle. Tšabo e ka u thusa hore u ele hloko kapa u fumane thuso pele u thulana le kotsi e ka ’nang ea hlaha. Ho na le mehlala e joalo e mengata: letšoao le u hlokomelisang ka matla a phahameng a ho phalla ha motlakase; tsebiso ea seea-le-moea ka sefefo se tlang ka potlako sebakeng sa heno; lerata le hlabang la litšepe koloing ea hao ha u ntse u khanna ’mileng o phetheselang.

Maemong a mang boikutlo ba tšabo e ka ba motsoalle e le ka ’nete. Bo ka re thusa ho itšireletsa kapa ho nka bohato ka bohlale. Leha ho le joalo, u tseba hantle hore tšabo e sa khaotseng kapa e matla ka sebele hase motsoalle. Ke sera. E ka baka ho hema ka potlako, ho otla ha pelo ka potlako le ka matla, ho akheha, ho thothomela, ho nyeka pelo le ho ikutloa u sa thahaselle tikoloho ea heno.

U ka ’na ua fumana e le ho thahasellisang haholo hore ebe Bibele e boletse ka ho hlaka hore nako ea rōna e ne e tla tšoauoa ka liketsahalo tse tšosang lefatšeng le ka tšabo e matla. Ke hobane’ng ha ho le joalo, ’me seo se lokela ho ba le tšusumetso efe bophelong le monahanong oa hao? Hape, ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ho ea ka Bibele, ho na le tšabo ea letsatsi le letsatsi e nang le thuso le e molemo ka ho khethehileng? Ha re boneng.

[Lebokose le leqepheng la 3]

Ha ba botsoa ka se ba ngongorehisang haholo, batho ba baholo le bana ba re ba tšaba:

BANA BATSOALI

56% Tlōlo ea molao e mabifi khahlanong le setho sa lelapa 73%

53% Ho felloa ke mosebetsi bathong ba baholo 60%

43% Ho se khone ho fumana lijo 47%

51% Ho se khone ho lefa ngaka 61%

47% Ho se khone ho ba le ntlo 50%

38% Setho sa lelapa se nang le bothata ba lithethefatsi 57%

38% Lelapa la bona le ke ke la lula ’moho 33%

Mohloli: Newsweek, ea la 22 November, 1993

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela