Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 7/15 leq. 32
  • U ka ba le “Pelo ea Tau”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka ba le “Pelo ea Tau”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 7/15 leq. 32

U ka ba le “Pelo ea Tau”

BIBELE ka linako tse ling e sebelisa tau e le tšoantšetso ea sebete le kholiseho. Batho ba sebete kapa ba se nang tšabo ba hlalosoa ba e-na le “pelo ea tau,” ’me ba lokileng ho thoe ba “iketlile joalo ka tau e ncha.” (2 Samuele 17:10; Liproverbia 28:1) Haholo-holo ha e phephetsoa, tau e bontša hore e tšoaneloa ke botumo ba eona ba ho ba “mohale har’a libata tsohle.”—Liproverbia 30:30.

Ke sebete sa tau seo Jehova Molimo a tšoantšang boikemisetso ba hae ba ho sireletsa batho ba hae le sona. Esaia 31:4, 5 ea bolela: “Joalo ka tau, kapa taoana ha e puruma holim’a phoofolo e tšoeroeng ke eona, e sa tšohe mehoo ea balisa ba bangata ba e bōkanetseng, e sa balehe pel’a bongata ba bona, ka mokhoa o joalo, Jehova oa makhotla o tla theoha ho futuhela thaba ea Sione. . . . O tla sireletsa Jerusalema ka mapheo a hae; a apese, a namolele, a qenehele, a pholose.” Kahoo Jehova o tiisetsa bahlanka ba hae tlhokomelo e mafolo-folo ea hae, haholo-holo ha ba tobane le litsietsi.

Bibele e tšoantša sera se seholo sa moloko oa batho, Satane Diabolose, le tau e purumang, e harolakang. E le hore re qobe ho ba liphofu tsa hae, rea bolelloa ka Mangolong: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele.” (1 Petrose 5:8) Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho qoba ho otsela ho bolaeang ha moea. Mabapi le sena Jesu o ile a re: “Ikeleng hloko hore lipelo tsa lōna le ka mohla e se ke ea e-ba tse imeloang ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo.” (Luka 21:34-36) E, ho falimeha moeeng ‘matsatsing ana a ho qetela’ ho ka re fa “pelo ea tau,” e ‘tiileng, e itšepisitseng ka Jehova.’—2 Timothea 3:1; Pesaleme ea 112:7, 8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela