Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 8/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Profeta Lintho Tse Tla Etsahala Lefatšeng Lohle
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Baapostola ba Kopa Pontšo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Kamoo re ka Tsebang Kateng Hore Armagedone e Atametse
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Thuto ea 6—Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bokreste ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 8/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Jesu hona joale o se a tseba nako ea Armagedone?

Ka sebele ke ho utloahalang ho lumela hore oa e tseba.

Mohlomong ba bang ba bile baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha potso ena e botsoa. Mohlomong ke ka lebaka la tlhaloso ea Jesu e fumanoang ho Matheu 24:36: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” Hlokomela poleloana “kapa Mora.”

Temana ena ke karolo ea karabo ea Jesu potsong ea baapostola: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Boprofeteng ba hae bo tsebisahalang hona joale mabapi le bopaki bo etsang “pontšo,” o ile a bolela esale pele lintoa, khaello ea lijo, litšisinyeho tsa lefatše, ho hlorisoa ha Bakreste ba ’nete le lintho tse ling lefatšeng tse neng li tla supa boteng ba hae. Ka pontšo ena balateli ba hae ba ne ba tla hlokomela hore bofelo bo atametse. O ile a tšoantšetsa ho atamela hona le nako eo sefate sa feiga se qalang ho hlahisa mahlaku, e le ho supa hore lehlabula le atametse. O ile a eketsa: “Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi o menyako.”—Matheu 24:33.

Empa Jesu ha aa ka a bolela ka ho toba hore na bofelo bo tla tla neng. Ho e-na le hoo, o ile a bolela seo re se balang ho Matheu 24:36. Ke tsela eo e balehang ka eona ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, le Libibele tse ling tse ngata tsa kajeno li baleha ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ling tsa khale ha li na “kapa Mora.”

Ka mohlala, Douay Version ea K’hatholike e baleha tjena: “Empa ha e le letsatsi leo le hora eo ha ho motho ea li tsebang, e seng mangeloi a leholimo, empa Ntate a ’notši.” King James Version e baleha ka tsela e tšoanang. Ke hobane’ng ha “kapa [kapa, leha e le] Mora” e siiloe, le hoja e fumaneha ho Mareka 13:32? Hobane morao koo qalong ea lekholo la bo17 la lilemo ha liphetolelo tseo tse peli li ne li hatisoa, libuka tse ngotsoeng ka letsoho tseo bafetoleli ba neng ba fetolela ho tloha ho tsona li ne li se na polelo eo. Leha ho le joalo, khabareng, libuka tse ngata tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike li fumanehile. Tsena, tse ngotsoeng ho ella haufi le nako eo Matheu e qalileng ho ngoloa ka eona, li na le “kapa Mora” e ho Matheu 24:36.

Ka ho thahasellisang, Jerusalem Bible ea K’hatholike e kenyelelitse poleloana eo, ka mongolo o botlaaseng ba leqephe o bolelang hore Vulgate ea Selatine e ile ea siea polelo eo “mohlomong ka lebaka la mabaka a thuto ea bolumeli.” Ruri, ho hlakile! Bafetoleli kapa bakopitsi ba neng ba lumela ho Boraro-bo-bong mohlomong ba ne ba ka ’na ba lekeha ho siea poleloana e neng e supa hore Jesu o ne a haelloa ke tsebo eo Ntate oa hae a neng a e-na le eona. Ke joang Jesu a neng a ke ke a tseba taba e itseng haeba bobeli eena le Ntate oa hae e ne e le likarolo tsa Molimo o hararo?

Ka ho tšoanang, A Textual Commentary on the Greek New Testament, ea B. M. Metzger, e re: “Mantsoe ‘leha e le Mora’ ha a eo lipaking [buka e ngotsoeng ka letsoho] tse ngata tsa Matheu, ho kopanyelletsa le tabeng e ngotsoeng hamorao ea Byzantium. Ka lehlakoreng le leng, lingoliloeng tse emelang hamolemo ka ho fetisisa taba e ngotsoeng ea Alexandria, ea Bophirimela le ea Sesarea li na le poleloana ena. Ho siuoa ha mantsoe ana ka lebaka la tšitiso eo a neng a e baka thutong ea bolumeli ho totobetse ho feta ho nahana hore a kenyelelitsoe ho” Mareka 13:32.—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

‘Lingoliloeng tseo tse emelang hamolemo ka ho fetisisa’ libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa pejana li re thusa ho bala ka kutloisiso mabapi le ho tseba hora ea bofelo. Mangeloi a ne a sa tsebe hora ea bofelo; leha e le Mora; empa e ne e tsejoa ke Ntate feela. ’Me sena se lumellana le mantsoe a Jesu a fumanoang ho Matheu 20:23, moo a ileng a lumela hore o ne a se na matla a ho laela a ho fana ka libaka tse hlahelletseng ’Musong, empa Ntate o ne a e-na le ’ona.

Kahoo, mantsoe a Jesu ka booona a bontša hore ha a le lefatšeng o ne a sa tsebe letsatsi la ‘bofelo ba lefatše.’ Na o se a le tseba?

Tšenolo 6:2 e hlalosa Jesu e le ea lutseng holim’a pere e tšoeu ’me a tsoa “e le ea hlōlang le ho phetha tlhōlo ea hae.” Ka morao ho tsoa banna ba lipere ba tšoantšetsang lintoa, tlala ea sekoboto le mafu a seoa, tse kang tseo re bileng le tsona ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše e qalileng ka 1914. Lipaki tsa Jehova li lumela hore ka 1914, Jesu o ile a lula teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo, eena ea tla etella pele ntoeng e tlang khahlanong le bokhopo lefatšeng. (Tšenolo 6:3-8; 19:11-16) Hona joale Jesu hoba a nehoe matla a ho ba ea tla hlōla ka lebitso la Molimo, ke ho utloahalang ho nahana hore Ntate oa hae o se a ’moleletse hore na bofelo bo tla tla neng, ha a tla be a “phetha tlhōlo ea hae.”

Rōna ba lefatšeng ha re e-s’o bolelloe letsatsi leo, kahoo mantsoe a Jesu a ntse a sebetsa ho rōna: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e neng. . . . Empa seo ke le bolellang sona ke se bolella bohle, Le lule le lebetse.”—Mareka 13:33-37.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela