Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 10/15 leq. 32
  • “Jehova o Arabetse Lithapelo Tsa Ka!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova o Arabetse Lithapelo Tsa Ka!”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 10/15 leq. 32

“Jehova o Arabetse Lithapelo Tsa Ka!”

LEFATŠENG ka bophara, Lipaki tsa Jehova li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ka bang limilione tse hlano le batho ba thahasellang ho rua tsebo e nepahetseng ka Molimo le morero oa hae o babatsehang ka moloko oa batho. Esita le bana har’a Lipaki tsa Jehova ba ba le karolo mosebetsing ona. Ka mohlala, nahana ka moshemane ea bitsoang Joel. O ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa a le lilemo li robong. Selemo hamorao o ile a ba le phihlelo ena:

“Ha ke le tšebeletsong, ke ile ka kopana le mosali ea bitsoang Candy. Ke ile ka mo fa bukana ea ‘Bonang, Lintho Tsohle ke li Etsa Tse Ncha.’ O ne a se a ntse a e-na le eona, kahoo ke ile ka mo fa U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Le eona o ne a se a ntse a e-na le eona. Joale ka nahana, ‘Ke tla etsa tlhahiso ea thuto ea Bibele ho mosali enoa.’ A e amohela!

“Ngoan’abo Candy, ea neng a kulela lefu ke kankere, o ile a tla lula le eena. Ho phaella moo, Candy o ne a ithutela ho ba mooki. Kahoo ka nako e telele, thuto ea Bibele e ile ea khaotsa. Empa ’na le batsoali ba ka re ile ra tsoela pele ho kopana le eena ka ho mo siela limakasine kapa monna oa hae, Dick. Dick o ile a re bolella hore Candy o beha limakasine pel’a bethe ea hae ’me o li bala bosiu.

“Qetellong, ngoan’abo Candy o ile a shoa. ’Na, Ntate le ’Mè re ile ra bua le Candy ka boemo ba bafu. O ile a etsa qeto ea ho tsosolosa thuto ea hae ea Bibele. Ka letsatsi le fapaneng, re ile ra botsa Dick hore na o ne a ke ke a rata ho ithuta hammoho le Candy ’me ba etse taba ena thuto ea lelapa. O ile a nahana hore eo ke khopolo e ntle. Kahoo hona joale, ke e-na le Ntate, ke ithuta le Dick le Candy. Ba tsoela pele hantle ’me ba bontša kananelo bakeng sa thuto ea Bibele.

“Ke ’nile ka rapella thuto ea Bibele, ’me Jehova o arabetse lithapelo tsa ka!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela