Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 1/15 leq. 32
  • Na Kaofela ke Litšenolo Tsa Bomolimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Kaofela ke Litšenolo Tsa Bomolimo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 1/15 leq. 32

Na Kaofela ke Litšenolo Tsa Bomolimo?

NA MOEA oa Molimo, o ileng oa bululela Bibele e Halalelang, o ka boela oa ikarabella ho bululeleng libuka tse ling tseo ba bang ba nkang hore lia halalela? (2 Timothea 3:16) Potso ena e ile ea phahamisoa ke koranta ea Majesuite ea Setaliana (La Civiltà Cattolica), e hatisitsoeng “tlas’a tataiso ea [Vatican] Secretariat of State” ’me ka tsela eo e nkoa e le e ka tšeptjoang libakeng tsa K’hatholike.

Koranta ena ea Majesuite e itse: “Molimo, a sebelisa Moea o Halalelang, o ile a hasa peō ea Lentsoe esita le libukeng tse ling tse halalelang tseo e seng tsa neano ea Bajuda le ea Bakreste.” Ho Majesuite, libuka tse “halalelang,” tse kang Avesta ea Mazoroaster kapa Libuka tse ’Nè tsa Boconfucius, li ngotsoe “e seng kantle ho tšusumetso e itseng ea Moea o Halalelang, ka lebaka leo, ho isa tekanyong e itseng, li fupere ‘tšenolo ea bomolimo.’”

Leha ho le joalo, sehlooho sena sea hlakisa. Se re: “Hase sohle se fuperoeng ke libuka tse joalo tse halalelang seo e leng lentsoe la Molimo,” ’me se eketsa ka hore ba ngotseng libuka tsena e ka ’na eaba ba “susumelitsoe ke tikoloho eo ho eona ho rapeloang melimo e mengata kapa ke tikoloho ea lifilosofi” eo ba neng ba phela ho eona le ho sebetsa ho eona. Ho latela Marco Politi, mongolli oa koranta ea Setaliana, La Repubblica ea litaba tsa Vatican, boemo bona “bo bula menyetla eo pele e neng e nkoa e ke ke ea buleha mabapi le likamano pakeng tsa Kereke e K’hatholike le malumeli a maholo a tummeng historing,” bo tsosolosa moea oa liboka tsa thapelo tse kopanetsoeng ke litumelo tse sa tšoaneng joaloka o bileng teng Assisi ka 1986, oo John Paul II a ileng a o khothalletsa ka matla.

Jehova hase Molimo oa ho hloka taolo le pherekano. (1 Bakorinthe 14:33) Ka hona hase ka nepo re ka etsang qeto ea hore moea oa hae o halalelang kapa matla a sebetsang, o ka bululela esita le karolo ea libuka life kapa life tse sa lumellaneng ka ho feletseng le Lentsoe la hae, Bibele. Ho e-na le ho khothalletsa ho kopanngoa ha “litloaelo tsa bolumeli” tse sa tšoaneng, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola hore ho na le ‘tšepo e le ’ngoe, Morena a le mong, tumelo e le ’ngoe, kolobetso e le ’ngoe.’—Baefese 4:4, 5.

‘Tšepo eo e le ’ngoe’ e itšetlehile ka ho beha tumelo ho Jesu Kreste. Ka ho loketseng Bibele e re: “Ha ho poloko ho mang kapa mang e mong, kaha ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 4:12) Ha ho “buka e halalelang” e ’ngoe e bontšang Jesu e le motho ea ka sehloohong ho phethahatseng merero ea Molimo. Ke feela haeba re amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo, e ka re rutang ka tokisetso e lerato ea Jehova Molimo bakeng sa poloko.—Johanne 17:3; 1 Bathesalonika 2:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela