Hlokomelang Bosimone!
SIMONE oa Samaria o ne a hlomphuoa haholo sechabeng sa habo. O ne a phela lekholong la pele la lilemo C.E., ’me batho ba ne ba tšerehantsoe ke ho sebelisa ha hae tsebo ea boselamose hoo ba neng ba ee ba re ka eena: “Monna enoa ke Matla a Molimo, a ka bitsoang A Maholo.”—Liketso 8:9-11.
Leha ho le joalo, ka mor’a hore Simone e be Mokreste ea kolobelitsoeng, o ile a hlokomela matla a mang a maholo ho ao a neng aa bonahatsa pele. E ne e le matla a neng a filoe baapostola ba Jesu, a neng a ba nolofalletsa ho fa ba bang limpho tsa mohlolo tsa moea o halalelang. Simone o ne a khahliloe hoo a ileng a re o fa baapostola chelete ’me a ba kōpa: “Le ’na mpheng matla ana a ho laela, e le hore leha e le mang eo ke behang matsoho a ka holim’a hae a ka amohela moea o halalelang.”—Liketso 8:13-19.
Moapostola Petrose o ile a khalemela Simone, a re: “E se eka silevera ea hao e ka timela le uena, hobane u nahanne ho rua mpho e sa lefelloeng ea Molimo ka chelete. Ha u na leha e le karolo kapa kabelo tabeng ena, kaha pelo ea hao ha ea otloloha mahlong a Molimo.”—Liketso 8:20, 21.
Tlalehong ena ea Bibele ke hona moo ho hlahang lentsoe “bosimone,” le ’nileng la hlalosoa e le “sebe sa ho reka kapa ho rekisa maemo kapa ho phahamisoa ka kerekeng.” New Catholic Encyclopedia e lumela hore ho tloha lekholong la bo9 ho ea ho la bo11 la lilemo, ka ho khetheha “bosimone bo ne bo jele setsi matlong a baitlami, baruting ba tlaasana, pusong ea kereke ea babishopo esita le ho hlahlamaneng ha bo-mopapa.” Khatiso ea borobong ea The Encyclopædia Britannica (1878) ea hlokomela: “Thuto ea histori ea seboka sa lekunutu sa ho khetha Mopapa e siea seithuti se kholisehile hore ha ho mohla ho kileng ha etsoa khetho e sa silafatsoang ke bosimone, ha makhetlong a mangata bosimone bo etsoang sebokeng seo sa lekunutu sa ho khetha mopapa e bile bo bobe ka ho fetisisa, bo soabisang ka ho fetisisa le bo pepeneneng.”
Bakreste ba ’nete kajeno ba lokela ho hlokomela bosimone. Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba fana ka thoriso e feteletseng kapa ba fana ka limpho tse ngata ho batho ba ka ba ekeletsang litokelo. Ka lehlakoreng le leng, ba khonang ho fana ka litokelo tse joalo ba ka ’na ba bontša moea oa ho khetha batho ba khonang—le bao hangata ba ikemiselitseng—ho ba fa limpho tse ngata. Maemo ao ka bobeli a amana le bosimone, ’me Mangolo a nyatsa ketso e joalo ka ho hlaka. Petrose o ile a phehella Simone: “Ka hona, bakela bobe bona ba hao, ’me u etse thapeli ho Jehova e le hore, haeba ho ka khoneha, u ka tšoareloa morero oa bolotsana oa pelo ea hao [“sepheo sena sa hao se sebe,” New Jerusalem Bible]; etsoe kea bona hore u nyooko e chefo le tlamo ea ho se loke.”—Liketso 8:22, 23.
Hoa thabisa hore ebe Simone o ile a bona ho teba ha takatso ea hae e fosahetseng. O ile a kōpa baapostola ka tieo: “Lōna, nketsetseng thapeli ho Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le letho la lintho tseo le li boletseng le ka ntlelang.” (Liketso 8:24) Ka lebaka la ho falimehela thuto ena ea bohlokoa eo tlaleho ena e e fupereng, Bakreste ba ’nete ba leka ka matla hore ba qobe ho silafatsoa ke bosimone ka tsela leha e le efe.