Tataiso Bakeng sa ho Khetha Metsoalle e Metle
TLALEHO ea Reader’s Digest e bolela hore bacha ba tšepa lithaka tsa bona ho e-na le ho tšepa batsoali hore ba ba tataise tabeng ea liaparo le ’mino. Ka lebaka leo, ke habohlokoa hore batsoali ba tsebe hore na bana ba bona ba tloaelane le bo-mang, hokae.
Esmé van Rensburg, morupeli ea ka sehloohong lefapheng la thuto ea kelello univesithing e ’ngoe ea Afrika Boroa o re: “Ke boikarabelo ba hao ho batlisisa.” Oa eketsa: “Ho ka etsahala hore bana ba hao ba u halefele, empa ba tla kokobela.” Joale o fa batsoali maele ana a latelang. Melao e lokela ho utloahala ’me e be le melao-motheo ea sehlooho e tobileng; mamela ngoana oa hao; u se ke ua phahamisa maikutlo, empa khoba matšoafo, ’me u tsebe seo u batlang ho se bua. Haeba ngoana oa hao a se a ntse a tloaelane le motsoalle e mobe, lebisa tlhokomelo boitšoarong bo sa amoheleheng boo setsoalle sena se bo khothalelitseng ho e-na le hore feela u thibele setsoalle sena ho tsoela pele.
Ke khale keletso e utloahalang bakeng sa batsoali e fumaneha Lentsoeng la Molimo, Bibele. Ka mohlala, e re: ‘Potlaka mabapi le ho utloa, u be ea liehang mabapi le ho bua, u be ea liehang mabapi le khalefo.’ (Jakobo 1:19) Mangolo a boetse a fana ka keletso ena e ntle mabapi le khetho ea metsoalle: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Mehlala ena e bontša bohlale ba ba balang Bibele ka kutloisiso ’me ba sebelisa seo e se buang bophelong ba letsatsi le letsatsi.