Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 12/1 leq. 32
  • Ho Tobana le Phephetso ea ho Hōlisa Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tobana le Phephetso ea ho Hōlisa Bana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 12/1 leq. 32

Ho Tobana le Phephetso ea ho Hōlisa Bana

HO HŌLISA bana kajeno, haholo ba lilemong tsa bocha, ke phephetso e khōlō ho batsoali. The Gazette ea Montreal, Canada, e tlaleha hore ho ithuta joala le lithethefatsi ho fetohile “tloaelo ho bacha.” E hatisa hore batsoali ba na le “boikarabelo ba ho falimehela liphetoho boitšoarong ba bacha [ba bona].”

Batsoali ba lokela ho sheba eng e ka ’nang ea ba bontša mathata a joalo a bacha? Matšoao a mang a lemosang a bonahalang ’meleng le a bontšoang ke maikutlo le mokhoa oo ba phelisanang le ba bang ka oona a qoolotsoeng ke Mokhatlo oa Amerika oa Phekolo ea Mafu a Kelello a Bana le Bacha a akarelletsa mokhathala o sa feleng, botho bo feto-fetohang, ho halefa feela, ho ikoalla ka nako e telele ka kamoreng ea ho robala, ho rata likhohlano le liketso tsa tlōlo ea molao.

Batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang hore ba se ke ba ithuta lintho tse kotsi joalo le hore ba se ke ba oela liphellong tsa tsona tse mpe? Dr. Jeffrey L. Derevensky, oa Univesithi ea McGill, o lumela hore puisano e etsoang ka bolokolohi le e khothalletsang tlhomphano lilemong tsa ha ngoana a sa hōla, e ka ’na ea fokotsa mathata hamorao. The Gazette e phaella ka hore le hoja takatso ea ho lokoloha ka ho eketsehileng e hlahella nakong ea bocha, bacha ba tsoela pele ho hloka hore ‘batsoali ba bona ba ba tataise, ba ba tšehetse, ba ba tsamaise le ho ba rata.’ Mantsoe ana a pheta maele a Bibele a reng: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Molimo o eletsa batsoali hore e be mehlala, metsoalle, ba bulang menyetla ea puisano le mesuoe.—Deuteronoma 6:6, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela