Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/1 leq. 32
  • Ha ‘Moea o le Khahlanong le Rōna’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ‘Moea o le Khahlanong le Rōna’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/1 leq. 32

Ha ‘Moea o le Khahlanong le Rōna’

Ha a hlalosa phihlelo ea sebele ea barutuoa ba Jesu ha ba ne ba ikitlaetsa ka matla hore ba tšele Leoatle la Galilea ka sekepe, Mareka, mongoli oa Kosepele o bolela hore ba ne ba “thatafaletsoe ho sokeng ha bona, kaha moea o ne o le khahlanong le bona.” Ha Jesu a ntse a le lebōpong, o ile a bona mahlomola a bona ’me a etsa mohlolo oa ho tsamaea holim’a metsi a leoatle ho ea fihla ho bona. Ha a “hloella ka sekepeng le bona, moea oa kokobela.”—Mareka 6:48-51.

Mongoli eena eo oa Bibele o ile a tlaleha hore ka lekhetlo le leng pejana, ‘moea o moholo o befileng oa sefefo o ile oa tsoha.’ Ha seo se etsahala, Jesu ‘o ile a khalemela moea ka matla eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.’—Mareka 4:37-39.

Le hoja rōna kajeno re sa be le tokelo ea ho bona liketsahalo tse joalo tsa mohlolo, re ka ithuta ho hongata ho tsona. Joaloka batho ba sa phethahalang ba phelang linakong tse mahlonoko, ha rea lokoloha lifefong tsa mahlomola. (2 Timothea 3:1-5) Ha e le hantle, ka linako tse ling re ka ’na ra ba le boikutlo ba hore matšoenyeho a bakoang ke liteko tseo re talimanang le tsona a matla joaloka moea oa sefefo. Empa thuso e ka fumaneha! Jesu o etsa memo: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla.”—Matheu 11:28.

Ha ho bonahala eka ‘moea o khahlanong le rōna,’ re ka ba le “khutso e khōlō” pelong. Joang? Ka ho tšepa litšepiso tsa Jehova Molimo tse sa hlōleheng.—Bapisa le Esaia 55:9-11; Bafilippi 4:5-7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela