Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 1/15 leq. 32
  • Selemo se Ileng sa Ikhetha Kabong ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Selemo se Ileng sa Ikhetha Kabong ea Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 1/15 leq. 32

Selemo se Ileng sa Ikhetha Kabong ea Bibele

BATHO ba bangata ho feta leha e le neng pele ba na le Libibele. Ke seo tlaleho ea Mekhatlo ea Bibele e Kopaneng e se bontšang, kaha kabo ea Bibele ka 1998 e ile ea feta ea selemo se ka pele ho seo ka tse fetang halofo ea milione. Ka kakaretso, Libibele tse fetang 585 000 000—li feletse kapa li sa fella—li ile tsa ajoa lefatšeng lohle. Tlaleho ena e re: “Ona ke mohloli oa khothatso. Kajeno ho finyelloa batho ba eketsehileng ka Lentsoe la Molimo.”

Ka sebele, ho na le phapang pakeng tsa ho ba le Bibele le ho e bala. Ka mohlala, phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore karolo e fetang 90 lekholong ea Maamerika e na le bonyane Bibele e le ’ngoe, ’me palo e lekanang le eo e lumela hore Bibele ke mohloli o molemo oa thuto ea boitšoaro. Leha ho le joalo, ke karolo ea 59 lekholong feela e ileng ea re e hlahloba Bibele bakeng sa keletso. ’Me karolo ea 29 lekholong e ile ea lumela hore ha e tsebe Bibele “hakaalo” kapa “ho hang” ha e e tsebe.

Lipaki tsa Jehova ha li hatise Libibele le ho li aba feela, empa li boetse li khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse sa lefelloeng le batho ba linaha tse fetang 230. Hona joale ba limilione lefatšeng lohle ba rua molemo lenaneong lena la thuto ea Bibele. Ba thusoa ho sebetsana ka katleho le mathata ao ba talimanang le ’ona hona joale, ’me ba ithuta seo Bibele e se buang ka bokamoso bo khanyang tlas’a ’Muso oa Molimo.—Esaia 48:17, 18; Matheu 6:9, 10.

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

Lithuto tsa mahae tsa Bibele (ho tloha ka holimo letsohong le letšehali u ea ho le letona) Bolivia, Ghana, Sri Lanka le Engelane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela