Batho—Na e Mpa e le Liphoofolo Tse Phahameng?
“Na hoa tsotelleha hore na re lumela eng ka tšimoloho ea bophelo?”
Ngoananyana ea lilemo li 16 oa Brazil o ile a botsa potso ena selelekeleng sa tlaleho ea hae eo sehlooho sa eona se neng se re, “Batho—Na e Mpa e le Liphoofolo Tse Phahameng?” O ne a kōpiloe ke tichere ea hae hore a bue le tlelase ka potso ena, ka mor’a hore e fumane kopi ea Tsoha! ea June 22, 1998 (ka Senyesemane, ka Sesotho e hlaha ho July 8, 1998), e neng e bua ka sehlooho seo.
Paki ena e nyenyane e ile ea totobatsa hore na thuto ea ho iphetola ha lintho, e thehiloeng khethong ea tlhaho, e ’nile ea e-ba kotsi hakae. Ka mohlala, batho ba bangata ba nahana hore khopolo ea ho iphetola ha lintho e entse hore ba bang ba nke ntoa e le feela karolo ea tlhaho ea ho loanela ho phela, e thusang ho hleka tsela bakeng sa tsoelo-pele ea Bofascista le Bonazi.
Seithuti sena se ile sa bontša hore ho na le lekhalo le leholo lipakeng tsa batho le liphoofolo. Se ile sa re: “Batho ke bona feela ba ka hōlang moeeng. Batho ke bona feela ba lekang ho fumana morero le sepheo sa bophelo. Batho ke bona feela ba tšoenngoang ke lefu, ba amehileng ka tšimoloho ea bona le ba nang le takatso ea ho phela ka ho sa feleng. Ke habohlokoa hakaakang hore re qete nako re batla ho eketsehileng ka tšimoloho ea rōna!”
Tichere e ile ea rorisa tlaleho eo e ntle eo seithuti se faneng ka eona. E ile ea hlalosa hore se entseng hore e be ntle ke ho rata ho bala ha mocha enoa oa Paki. Sekolong ngoananyana enoa o tsejoa e le sebali se hloahloa sa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse kang Tsoha! le Molula-Qhooa.
Ka sebele Lipaki tsa Jehova li amehile ka ho teba ka phello eo khopolo ea ho iphetola ha lintho e bang le eona lipelong le maikutlong a bacha. Ka lebaka lena, phutheho eo ngoananyana enoa a kopanelang ho eona e ile ea khothalletsa bacha ba Lipaki hore ba fane ka makasine eo ea Tsoha! ea June 22, 1998, ho matichere a bona le bana bao ba kenang sekolo le bona. Limakasine tse ka bang 230 li ile tsa abjoa likolong tse sa tšoaneng motseng oo. Mookameli oa Lefapha la Saense sekolong se seng o ile a etsa peeletso ea makasine ea Tsoha!
E, ehlile hoa tsotelleha hore na re lumela eng ka tšimoloho ea bophelo! Mocha enoa hammoho le metsoalle ea hae ba bontšitse hore ho lumela ho ’Mōpi ho fetotse bophelo ba bona e le kannete.