E Ile ea Khutlisetsa Lireng Menoaneng ea Bona
“SHEBA menoana ea ka. Na u bona ho hong ho sa tloaelehang?” Monna e mong o ile a bontša mosali e mong eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova letsoho la hae, eaba mosali enoa oa le sheba ’me kapele-pele a hlokomela hore o ntšitse reng ea hae ea lenyalo. O ile a hlalosa hore eena le mosali oa hae ba ne ba se ba sitoa ho phela hammoho ka kutloano, ka hona, ba etsa qeto ea ho hlalana. Paki ena e ile ea re: “Che! Nka buka ena ’me u e bale. E tla u thusa lenyalong la hao.” Ha a rialo a mo fa buka e thehiloeng Bibeleng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.a
Ka mor’a matsatsi a itseng monna enoa o ile a khutlela ho Paki a thabile. O ile a e bontša letsoho la hae. Lekhetlong lena o ne a roetse reng ea hae ea lenyalo. O ile a e bolella hore eena le mosali oa hae ba ile ba bala buka ea Tsebo le hore joale ba thabile haholo. Buka ena e ne e khutliselitse lireng menoaneng ea bona ka tsela ea sebele.
Keletso ea Bibele e ka thusa monna le mosali ho bontšana lerato la sebele. Ho joalo hobane ha ho e mong ea ngotseng Bibele haese ’Mōpi oa rōna, ea reng: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u rue molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.